Ho fetola setsahwantsho sa Mandela kgwebong

© Eric Miller

Moetapele ya ratwang ka ho fitisisa

Mandela o ile a tuma ka ho ba mohale, mme diphuputso tse entsweng ka May 2006 ke khampani ya diphuphutso ya Markinor, o ne a tuma ho le dilemo tsa hae. Ka letsatsi la hae la tswalo la bo 89, diphuputso di bontsha hore ho batho ba 3 500 ba baholo ba emetseng Afrika Borwa o ile a fumana matshwao fihlang ho 9.2 hodima 10, e leng se ileng sa moetsa moetapele ya ratwang naheng.

Empa ha Mandela a ne a le boemong bo hodimo ba thoriso ya katleho ya hae setjhabeng, yena le Nelson Mandela Foundation ba ne ba leka ka matla ho e hlalosa ka mokgwa wa tumalo kapa ka bohlaha e le ho fetola setshwantsho sa hae kgwebong. Letlole le ile la botsa setjhaba hore na e lokela ho etsa ka tsela e jwang.

Maikemisetso a sa tlwaelehelang

Basebetsi ba letlole ba ile ba ba le mohopolo wa ho tlosa setshwantsho sa Mandela setjhabeng le ho nkelwa sebaka ke setshwantsho sa letsoho la hae le otlolohileng ka bente e bontshitsweng e hlaheletseng ka mahetla ya lenyalo. La ha ho bonahala hore Nelson Mandela o ne e na moya o tsamyang ka mora projeke, mabaka a ho emela ho etsa hona ho ne ho sa bonahale.

Bonyane rakoranta, William Daunderson Meyer, o ile bontsha ho makala mme a leka ho utlwisisa mabaka hobaneng e bitswa maikemisetso a sa “tlwaelehang”.

Saunderson-Mayer o a hlahisa

‘Maikemisetso a letlole kaofela a ya phatsimanyana. Letshwao la katleho ya teko feela ya Rorschach ya letheba la enke, moo o tla balang ntho e etsahetseng ho etsa e ka o e tlwa ka nako eo. Matshwao a sebele a dula ka dinako tsohle, pherekanyo ya boleng, takatso le tshepo. Mandela, ka bo yena o ne a utlwisisa sena hantle. E ne e le kenello e hlokolosi e ileng ya fa di Spingbok ho ba letshwao la kgale disentjhuring Afrika Borwa la Rugby, ha African National Congress e nka matla ka 1994’.

Ho thata ho tseba hore hobaneng ha letlole le ne le batla ho kenella katlehong ya diketsahalo tsa Mandela. Mohlomong Modimo le Muhammad ba hloka phetolo e ntle ya thekiso, ho kaba mona le mane bakeng sa tshehetso e mahlonoko a sa tsitsang lefatsheng. Empa na seo se ya hlokeha ho Mandela?

Enwa ke monna ya hlomphuwang ke lefatshe lohle, ya ileng phahamiswa maemo hoba mohalaledi eo e seng modumedi. Diphuputso tsa matshwao a kgwebo tsa United States dilemong tse fetileng ba ile ba fa Mandela boleng ba hoba sehlahiswa se seholo se latelang Coca-cola matjhabeng. Coke e sebedisa dimilione ho aha le ho seriletsa sehlahiswa sa yona. Mandela yena o tsamaela feela ha bobebe ka hoba yena.

Translated by Sibongile Sonopo

Nelson Mandela our beloved President by Raymond Louw

Ha se feela hore o ne a apere jeresi ya di Springbok ka papadi ya makgaola kgang, e ileng ya fa Afrika Borwa monyetla kgetlo la pele ho hlah...more