Ditshwantso tse Potlakileng tsa Dr Magubane Mosebetsing wa hae

Qetellong ya bo 1950

Re kgutlela morao le Dr Peter Magubane ho ya qetellong ya bo 1950. O etsa tema ya hae lefatsheng. Haufinyana o sa tswa etsa pale ya mosebetsi o moholo, wa African National Congress (ANC), bakeng sa Drum magazine. Editara Tom Hopkinson o kgotsofetse haholo ka mosebetsi wa monna enwa ya monyane dilemong. Peter o tla tswelapele ho sebetsa kantle le bangodi ba Drum, bakang ‘Ndude “pass” Parade’ a sebetsana le molao wa dipasa le tshwaro ya batho ba batsho Afrika Borwa.

Selemo se latelang, Peter o hlola o tswa nomorong ya pele le ya boraro tlhodisanong ya bo raditshwantsho. Raditshwantsho wa lekgowa o tswa boemong ba bobedi mme ebile o hana ho tshwara Peter ka letsoho. Kantle ho dikahlolo tse ngata nakong eo, mosebetsi wathakgola lekala o tswelapele. Ka nako eo, Sophiatown e ne e lwantshwa e tsenkollwa ya tlase. Bona le malapa a mang ba ile bantshiwa ka mahahapa mme ba lo dula Diepkloof.

O Qolotsa Mosebetsi o tla dula o Hopolwa

Ka dilemo tsa bo 1960 le 1970, batjha ka nqa tsohle tsa naha ba lwantsha tokoloho ka mmino le ho hwanta. Mobu wa lapeng, moqolotsi wa ditshwantsho, ha jwale o dilemong tsa bo mashome a mararo, o qolotsa diketsahalo tse tla dula di hopolwa jwalo ka Sharpville massacre. ‘Ha ke so bone batho ba bangata jwalo ba hlokahetse’, Rvonia trial bakeng sa Drum magazine.

Dilemo tsa 1980 di Bula Mamati

Selemo sa 1980 se bula mamati bakeng sa moqolotsi wa ditshwantsho Dr Peter Magubane. Mosebetsi bakeng sa United Nations High Commissioner bakeng sa batho ba lelekuweng dinaheng tsa bona ho hodisa lekala la hae Afriaka. ‘Ka ho ba Raditshwantsho ke bone dikarolo tse ngata tsa lefatshe’, o a hlalosa. Tlala eo ae qolotsang dinaheng tse kang Somalia le Ethiopia dilemo lemong tsena ‘di o otla hantle phatleng’.

Ka nako e le nngwe o sebeletsa Time magazine South Afrika. Mosebetsing o mong, ka 1985 qolotsa phuphung ya morutwana e mong Natalspruit. Ha ho se ho lwanwa letsatsing leo o ile a thunywa ka makgetlo a 17 ka tlasa lebanta. A kgutla ka pele ka potlako, ka 1986, o ile ho letsholo la ho boloka mme le moradi ho sehlopha sa Leandra.

Raditshwantsho wa Nelson Mandela ka Molao

Ka 1990, Dr Peter Magubane o kgethwa hoba raditshwantsho wa Nelson Mandela ka molao ho tlo hatisa dilemo tse nne tsa tsela e lebang tikolohong. ‘Mofuta wa “Ditshwantsho tsa polotiki” wa mosebetsi oke neng ke o etsa ha ba tshwerwe o ile ntukisetsa tsela ya hore kebe raditshwantsho ya tla sala Nelson Mandela ho fihlela eba mopresidente wa Afrika Borwa.

'Ke ne ke thabile!' Peter o a tsheha. ‘Ke sefe seo raditshwantsho a se hlokang ho feta hosala morao bophelo ba mohalaledi? Ho ne thabisa ho kgethwa ka hara bo raditshwantsho ba bangata ha kana ho sala monna enwa ya sebete. Ke ne tseba hore ke hloka ho etsa ho matleng aka hore pokelletso ena ya tokomane e be ya sebele hofihla eba mopresident.

Dikgau tse Ngata tsa Matjhaba

Peter o phatlaladitse dibuka tse 16, mme tse 3 di ile kgaolwa Afrika Borwa ka bo 1970 le 1980. Afrika Borwa ya Magubane, jwalo ka ha kele motsho ebile ke le ngwana wa motho e motsho. Moketeng wa ho tlotla mesebetsi ya Dr Magubane puwo e ile ya hlaha e re ‘boholo ba di airline bo nka karolo e nyane ho dipontsho tsa Magubane!

Di thuto tsa hae di kgolo, ho tlowa ho setso se felang ho ya bophelo ka mora tokoloho Afrika Borwa. Dipakeng tsa dikgau tse ngata tseo Peter a di thotseng, ho nale kgau e le nngwe eo a leng motlotlo ka yona, kgau ya Order for Meritorious Service Class II, eo a ileng a e fumana ho tswa ho mopresidente wa mehleng e leng Nelson Mandela ka 1999.

‘Ke fumana dikgau tse ngata tsa ditshwantsho naheng ena ka bo 1950 le dinaheng tsa matjhaba mmoho le tsa bophelo bohle, empa eo ke ileng ka e fumana ho tswa ho Madiba ke e fetang. Ha o fuamane kgau ho tswa ho monna ya tshwanang le wa boemo ba Mandela, o sa hloka eng?' O a thatoloha.

Translated by Sebongile Sonopo