Dintlhakgolo tsa leeto la Robben Island

Leeto ka Seketswana

©David Fleminger
Mohopolo wa leeto ke ona waka sekepeng ho tswelella le sehlekehleke. Seketswana senka metsotso e kabang mashome a meraro tsela ka nngwe, le tjhebeho ya motse Kapa le Tableble mountain ke tse ntle ka tsela e makatsang.

Ha ele hantle, ho bonahala mopalami emong le emong a palame seketswana ka mehala ya thekeng ba nka ditshwantsho ho leka ho bona lefatshe leo ditshwantshong.

Kgatiso ya diketsahalo e amohetswe mme leeto ka seketswana le nkuwa ke bahatisi ba ditshwantsho mohopolo ele ho etsa filimi ka sekepeng hore lefatshe le tsebe. O ele hloko, hore mawatle a ka ba matla kapa a tlala kgalefo mme o ka se dumellwe ho feta ebang boemo ba lehodimo bosa kgotsofatse.

Mothating wa jwale tshebeletso ya diketswana tse pedi di nka batho ba ka bang lekgolo le mashome a tsheletseng a batho ka nako, ba dula ba tletse ka nako tsohle.

Hona ho susumelletsa ntlheng ya ho itshunya hore kemang a keneng pele. E kaka boholo ba batho bo ema lehlakoreng le leleng la sekepe ho boha hantle botle ba naha eo. Seketswana senale lebenke moo ho rekiswang dimonamone le seno maphodi, mme dijo hadi etsetswe sekepeng. Tahi ha e rekiswi tseleng e lebang sehlekehlekeng, fela eya fumaneha haho kgutlelwa morao.

Mosebetsing o mong le o mong ka mora leeto le amang le hotswa motse Kapa, seketswana se ema Murrays’s Harbour teng Robben Island. Baeti ba feta ditshwantshong tse mmala o mosweu le o motsho moo ba fetang ditshwantso tsa nako e fitileng moo sehlekehlekeng ho elella moo o emelang bese teng.

Leeto ka bese

©David Fleminger
Tse felletseng ka sebaka le leeto sehleke-hlekeng o kadi fumana ka morao ho boithabiso le tumello yaho tsamaya kele mong. Bese ene esa dumellwa ho ema kae kapa kae nako eo ya sehleke-hleke leho latswa matla a sebaka a matelele, mme leho theoha rene resa dumellwa ho ithuta sebaka. Bongata ba rona bone bo entse nako hore eje motinyane.

Ha ntse re tswela pele sehleke-hlekeng hona ho ena le motsana moo ho dula batho ba ka bang lekgolo le mashome a mahlano, bao bophelo ba bona neng bo sitiswa ke basa-tsejweng baneng ba paroletsa motsaneng wa bona. Ka mokgwa o, dibese dine di feta ka tlwaelo jwalo ka bana ba motseng haba lebile mahaeng ho tswa sekolong rentse re hlodisa fensetereng.

Kamoso Robben Island ene le leano la hoba le dipontsho kapa leeto la ho tsamaya sehleke-hlekeng, mohlomong le tsela ya dithuthuthu e fetang thabeng.

Ha tsena tsohle di fumaneha nka thaba ka pelo e mofuthu ho sebedisa monyetla oo. O tlamehile ho hata mobung ona.

Ntlo ya Robert Sobukwe

©David Fleminger
Ho tlowa koung, o feta diheke tsa konkreiti tse jarileng letshwao la sehlekehleke le lepetjo la tjhanaka, ‘re sebeletsa ka motlotlo.”. kamohelo e phoqang e pentuweng hoy a fatshe ha o kena.

Sethunya sa sesole sa ntwa ya bobedi ya lefatshe se bonahala hanyane ka lehlakoreng le letshehadi, le diforaimi tse ngata tsa masala ha o tswela pele.

Ha bese e tswela lehlakoreng le letsheadi, ho nale diphenguin tse balehang, mme ho nale mabitla ha hpo ntse o tswela pele, a atametseng haufi le lebota la tjhankane. Ke mabitla a balepera ba kgale mme antse a heleha a bontshang a hopotsa batho ka mahlomola ao baahi ba iletseng.

Setopo se latelang ke ntlo ya Robbert Sobukwe, e arohanen hanyane le motsana. Ke ntlo e diphaposi di pedi e nyane bakeng sa hore ho ka dula motho wa lebitso le leholo jwalo ka Sobuke, empa ke moo a neng a dula teng dilemo tse 9 kantle le ho buwe le meng kappa meng.

Ka thoko ho ntlo hoi le ha bewa dihoko tsa dintja ka 1976, ka mora ho merusu ya Soweto ha dintja di eketswa bakeng sa ho tlisa taolo moferefere wa ba fihlang.

Bese e tswelapele hoy a kerekeng ya Good Shepherd. Ditshwantso tse sweufaditsweng tse entsweng ke Sir Herbert Baker e le sebaka sa ho rapella batho ba tshwerweng ke lepera, bao ka nako eo e eneng e le baaho ba General Infirmary.

Di ne di sena dibanka e ena le fesetere tse nyane bakeng sa hore ba kulang ba seke ba tshwaetsa ba babng. E ahilwe ka 1895 mme ke sefika san aha.

Ho kganna ho kena motsananeng

Jwale o kena ka hara motse, le ka hara toropo ya Iris. Ke meaho e fapaneng. A mang a matsatsi ke a nako ya Victorian ha sehlekehleke e ne ele sepetlele, matsatsi a mang ke a nako ya ntwa ya bobedi ya lefatshe ya sesole.

Ho nale hape le meaho e seng mekae ya matlo a maponesa teronko ba neng ba dula le malapa a bona ha e ntse e le tjhankane ya kgethollo. Ha nako e tsamaya meaho ena e ile ya eba lebitla la bo radipolotiki ba mehleng eo, le hoba kompone ya batshireletsi ba makgowa a neng a sa nyala, eo ele yona e neng e tshabeha empa e seng jwalo ka tjhankane.

Jwalo ka karolo ya tumellano ya ba taolo le poloko ya botjhaba, meaho ena e Robben Isalang a ntse a bolokuwe e le maemong a tlhaho. Pente e ya tlowa empa ha how a dumellwa hore e lokiswe ntle le ditukiso tse hlokahalang tse tla etsa hore moaho o dule o eme.

Ka ho feletseng sena lokeloketse musiamo, empa ha e estse bophelo bakeng sa batho ba phelang mosebetsing.

Moahao wa kamohlelo, mohlala, e kgidikwe mme ke lebala la konkereiti e sa pentwang le hona ho rehopotsa ka matla diofisi tsa kgale ka moo di leng ka teng. le motsaneng ha di ya dumellwa ho fetolwa, le tshireletso yak gale bakeng sa basadi ba kulang ka hlohong, e ya lokotseha ebile e siilwe, e hlaba mokgosi wa tlhonamo.

Translated by Sibongile Sonopo