Mathata a Letlalo la Kolobe - Dikokwana-hloko tse Eketsehileng tsa ka Ntle

© Glenneis Kriel

Diboseleise

Diboseleise tse bonolo di ka nna tsa dula tshireletsong ya kolobe, meepong ya kolobe-moru kapa malapeng a batho, athe diboseleise tse thata di atisa ho fumaneha makgulong. Diboseleise di atisa ho tswa bosiu mme di nwa madi a dikolobe, batho le diphoofolo tse ding. Nakong ya motshehare, di tla ipata mapetsong le mekoting kapa tlasa mobu. Hase feela ho bakang phokolo ya madi le ho halefisa ka matla, e ka bang le tshusumetso e mpe tabeng ya ho phepo ya dijo le ho lebisa ho tshwaetsano ya bobedi, empa hape e ka nna ya eba mabotho a African swine fever.
Phekolo
Phekolo ya dikolobe e ke ke ya lekana, matlo a tsona a bodulo a tla boela a be le nyanyatswe ka moriana o lwantshand hlobo le ho hlwekiswa. Botsa setsebi sa bophelo bo botle ba diphoofolo kapa setsebi sa diphoofolo ho buella lenaneo la kalafo mme o boloke dikolobe di kwaletswe le ho tloha ho dikolobe-moru le diphoofolo tse ding tse ka nnang tsa eba mabotho a diboseleise.

Ditshintsi

Ditshintsi ha di ferekanye feela, empa di ka nna tsa jara mafu mme tsa baka tshwaetso. Ditshintsi tse tsitsitseng di na le boholo bo lekaneng mme di phela dimeleng tse bolang, manyoro le bolokwe. Di dula dikolobeng, di monye madi a tsona mme di ka fetisa African swine fever pakeng tsa dikolobe.
Di blowfly di bohareng ho ya ho boholo ka kgolo mme ka dinako tse ding di boputswa bo benyang kapa di tala ka mmala.
Di ikatisa ho bolokwe le thepeng e bodileng, ho kenyelletsa le diphoofolo tse shweleng, di iphepa maqebeng a dikolobe mme di ka thibela maqeba ho tswa pholong.
Ditshintsi tsa ka tlung di na le moriri o mokgubedu le o bohareng ka kgolo. Di iphepa bolokwe, e ncha le e bodileng thepa mme di ka fetisetsa malwetse pakeng tsa dikolobe.
Phekolo
Tlhaselo ya ditshintsi e lokela ho thibelwa ka ho boloka dibaka di hlwekile moo dikolobe di hlahiswang teng le ho netefatsa hore ha ho na dibaka tsa ho ikatisa haufi le dihoko tsa dikolobe. Ho buka ya South African Pork Producers Organisation Pigs for profit, ho nahanwa hore dihwai di sebedisa dinyanyatso tsa maqeba tse nang le dithibela ditshintsi kapa ho kwahela maqeba ka Vaseline ho sireletsa maqeba ho tswa ho ditshintsi. Ho aneha hodimo makgasi a omeletseng, marapo a polasetiki kapa lesela la moriti di ka boela tsa thusa ho boloka ditshintsi hole le dikolobe.

Matsetse

Matsetse ke dikokonyana tse nyane tse hlahang. Le hoja hangata matsetse a jara malwetse, tlhaselo tse kgolo di ka baka tshwaetso ya madi ha di ntse di ja madi a dikolobe. Hangata di ipata ka mapetso le mekoti ka hara dihoko tsa dikolobe kapa ka lehlabatheng.
Phekolo
Buisana le setsebi sa bophelo bo botle ba diphoofolo kapa ngaka ya diphoofolo ka inelo kapa phofo ho sebedisa le ho boloka dikolobe tsa hao di furalla diphoofolo tse ding, tse kang diphoofolo tse ruuwang lapeng, tse ka nnang tsa eba le dibaka tse ngata tsa tlhaho.

Translated by Bongani Matabane