Dihlahla tsa Monokotshwai e Afrika Borwa

Tlhahisong ya monokotshwai, ‘brambles’ hangata di bolela di-raspberry, di-blackberry (monokotshwai o motsho) le metswako ya di-tayberry le di-loganberry.  

Phapang e kgolo pakeng tsa di-raspberry le di-blackberry ke hore di-raspberry di arohana le kutwana ya teng ka nako ya ho butswa, athe di-blackberry tsona kutwana ya teng e a salla. Kutwana e siya mohohlo kahara di-raspberry empa e a jowa le ho sebetswa ho di-blackberry. Kutwana ya di-tayberry le di-loganberry, jwaloka di-blackberry, e a salla ha monokotshwai o kotulwa. 

Tlhahiso ya kgwebo ya ‘brambles’ e sa ntse e fokola Afrika Borwa, empa e a eketseha ka lebaka la tlhoko ya dijo tse phepo e ntle. Dimela di bopa dihlahla tse hlabang, tse hlokang kganya e matla ya letsatsi mme, ho itshetlehile ka mofuta wa semela, di a tshehetswa bakeng sa tjhai e ntle. Di hola hantle haholo mobung o kenelang metsi habonolo o nang le esiti ya 5.6 - 6.2 pH.

Translated by Maletsatsi Sejake

Monokotshwai o Motsho

Tshimoloho ya monokotshwai o motsho ha e tsejwe hobane ho na le mefuta e mengata ya dimela e hlahiswang lefatsheng ka bophara...more

Monokotshwai, Aforika Borwa

Monokotshwai ditswa Asia, Amerika Leboya le Europe. Ba thabetse Greece ho tloha mehleng ya kgale....more