Buffalo Thorn
Mokgalo

© Shem Compion

Lebitso

Mokgalo (Buffalo Thorn)

Lebitso la Selatini

Ziziphus mucronata

Tlhaloso

Ke sefate se hlohlorang makgasi se holang ho fihlela dimetareng tse 17. Ke sefate se holang ka pele se hlohlorang makgasi, se holang komellong hase tshabele serame. Makgapetla a kgorofo a maputswa bo tibileng ho ya bosothong.
Dipalesa disilivera le botala ka mmala, makala a teteyane ana le makgasi. Palesa e ka fumanwa ho tlowa ka Mphalane ho isa ka Mmesa ka ditholwana tse fumanwang ho tlowa ka Hlakola hoisa Phato. Meutlwa e fumaneha ka dipara makaleng, moutlwa o le mong o otlolohile ibile o hoketswe.
Ka mabaka a mang sefate se lahlelelwa ke meutlwa ya sona kaho phethahala. Palesa e hohela dikokonyana tse nyata le dinonyana tse ngata tse jang menokotshwai e meholo. E etsa dipheremitha tse ntle tsa mekwallo meutlweng ya yona mme e mengata ha sefate se sa le senyane ibileng ho thata ho e thathela mmoho hobane qetello ya moutlwa o omong oshebile pele omong o shebile morao. Dina le makgasi a matala bo kganyang a phatsimang ke ka hoo lebitsola Afrikaans e leng ‘Blinkblaar’.

Tshebediso

Makala a sebediswa ho sereletsa lesaka la diphoofolo mme nako e nngwe e sebediswa le lebitleng la lelokola boreneng. Patsi e sebediswa ho etsa mafura a koloi. Makgasi a lekgapetla le methapo di sebediswa bakeng sa ho etsa moriana le ho tlosa mahloko a motshwafo le tshwaetso ya letlalo, haholoholo bakeng sa sefuba le mala. Ha lekgasi le sitswe le ka sebediswa bakeng sa ho emesa madi. Merabe emeng e dumela hore sefate se bolokehile bakeng sa ho ishireletsa kgahlano le maru.

Moo difumanehang

Ho tlowa Arabia ho ya Kapa Bophirima.

Dintlha tsatshimo

Sefate se tsebahala jwalo blinkblaar wag-’n-bietjie sebolelang hore makgasi a phatsimale ho ema hanyana se hlalosang hore sefate sena le moutlwa e hoketsweng ho kaba thata ho o tlohela ebang seo tshwere. Sefate se bapala karolo ekgolo ditumelong tsa batho ba Afrika, maZulu a dumela hore lekala le sebetsa ho nka moyawa motho a hlokahetseng ho tlowa sebakeng seo a hlokalletseng ho sona hoya moo a patelwang teng. Ha setopo se tsamaya ka koloi lekala le dula ka koloing ho fihlella leeto le fella. Batswana ba dumela hore sefate se kao tshirelletsa kgahlano le maru.