Bill Clinton lefeng la Mandela

© Eric Miller

Botho bo Tshwanang

Mopresidente wa mehleng wa United States Bill Clinton, o ile a fana ka tlhompho ho Nelson Mandela ka mokete wa letsatsi la hae la tswalo ka 2007. A bula dipontsho tsa tsa Mandela le mopersidente wa mehleng wa ANC Albert Luthuli dikantoronng tsa Nelson Mandela Foundation Johannesburg.

Clinton o ile a re karolo ya bohlokwa ya lefa la Mandela ke botho bo tshwanang lefatsheng ho feta diphapang tsa bona. ‘diphapang tsa rona di lokile, di etsa bophelo bo tsotehe, empa botho ba rona bo tshwanang bo bohlokwa haholo. Ke karolo e bohlokwa haholo ya lefa la hae hobane bo pelong ya bothata boo bana le ditloholo di tlang ho tobana le ona.

Mandela o ne a le teng moketeng empa ha a ka a etsa puo. Clinton o ile a re ho bohlokwa hore batho lefatshe ka bophara ho hopola le ho phela ka diketso tsa lefa la Mandela, eseng feela ka moya. A re o tla leka ho tla moketeng ona selemo le selemo Afrika Borwa bakeng ho keteka letsatsi la tswalo la Mandela. ‘Ke batla ho bona motswalle waka le hobane e l bile kgothatso ho dintho tseo ke di entseng.

Translated by Sibongile Sonopo