Bareki ba Nama ya Podi

© Biswarup Ganguly
Phuputso ya Sefora ‘Situation, changes and future of the goat industry around the world’ (Mphalane 2018) e fumane hore boholo ba nama ya podi e jewa ka ho toba ke mohlahisi kapa sebakeng sa heno. Hoo e ka bang 0.5% ya nama ya podi e rekiswa ka molao ka machaba. Sena se bua ka boemo bo tshwanang Afrika Borwa.

Dipatlisiso tsa Mmaraka ho Nama ya Podi

Dipatlisiso tsa mmaraka ka ho sebediswa ha nama ya podi ke Kalahari Kid Corporation e fumane hore dihlopha tse tlaase tsa bareki hangata di ke ke tsa kgona ho reka setopo kaofela. Ho ile ha bolelwa hore mmaraka ona o ka hodiswa ka ho fana ka theko e tlaase ya theko ya nama, e kang molala le sefuba, lesela le kwaletsweng ka mokgwa wa lebokose bakeng sa ho rekisa sehlahiswa se sa tlwaelehang. Dikahare di sebediswa haholo mecheng ya setso empa hangata di haella nakong ya dikgwedi tsa mariha.

Ho ya ka phuputso ya ‘A Profile of the South African Goat Market Value Chain’ (2017) Department of Agriculture, Forestry and Fisheries e fumane hore ka tlwaelo bareki ba bangata ba chevon Afrika Borwa ke dihlopha tse tlase tsa chelete. Hangata nama ya podi e sebediswa ke dihlopha tsena e le mohlodi wa letsatsi le letsatsi wa diprotheine tse nkwang e le tsa bohlokwa bakeng sa mekete ya lenyalo le mapato.

Bareki ba Nama ya Podi

Podi e boetse e sebediswa haholo ke bareki ba Mamosleme le ba Hindu. India e na le palo e phahameng ka ho fetisisa ya dipodi lefatsheng (35%) le 95% ya dipodi tse bolailweng India di jewa moo. Kahoo nama ya podi e phetha karolo e kgolo ho phedisang bareki ba Mahindu.

Afrika Borwa, nama ya podi e ka fumanwa dibakeng tse itseng tsa Mamosleme, Sepotoketsi le Setaliana hape e tumme hara baahi ba Kenya, ba Ghana, ba Nigeria, ba Uganda le malapa a mang a karolong e ka Leboya ya Sandton, ho bolela Kalahari Kid Corporation.
Ho hloka tsebo ya bareki le maikutlo a fosahetseng ka tatso ya nama ya podi e fokotsa mmaraka ho batho ba itseng le dihlopha tsa chelete.

Tshebediso ya Nama ya Podi KwaZulu-Natal

©Clive Biggs
Profinse ya KwaZulu-Natal ke mmaraka o moholo ka ho fetisisa wa podi Afrika Borwa. Dipodi di sebediswa ke Mamosleme a ketekang Eid, mekete ya Mahindu le mekgatlo ya batho ba tswang naheng ya Bangladesh, Pakistan, Ethiopia, Somalia, Ruanda, Congo, Cameroon le Nigeria. Leha ho le jwalo, tshebetso ya bohlokwahadi ya indasteri ya podi ya KZN ke tshebediso ya dipodi ka sechaba sa Mazulu. Dipodi di sebediswa mekgweng ya borapedi ba baholo-holo esita le tsamaisong ya bona ya boahlodi le moruo.
Phuputso e entsweng ke Hilton Sanders ya Indigenous Veld Goats of South Africa (IVG-SA) e fumane hore ho na le dipodi tse fetang 850 000 tsa KwaZulu-Natal (KZN) dipodi tse ileng tsa hlajwa ka 2013. (Dipalo-palo tse entsweng dipuisanong le Lefapha la Temo, Ntlo ya Baeta-pele ba setso, dihwai tsa dipodi tsa kgwebo le bahwebi ba lokollwa dilemo tse ding le tse ding tse hlano, empa ha ba fumanehe ka 2018.

Dipalo-palo tsa 2013 di kenyelletsa dipodi tse 400 000 tse hlajwang ho keteka tswalo, 214 000 bakeng sa lepato le 42 000 bakeng sa manyalo a tlwaelehileng. Dipalo tsena di lebeletswe hore di be le makgetlo a mabedi dilemong tse hlano tse latelang le dipodi tse fetang dimilione tse 1,7 tse hlokehang bakeng sa mmaraka wa setso sa KZN ka 2018 le ho feta.

Dipodi tsa KZN ke tsona tse ngata tsa Mbuzi (di ecotype tsa dipodi tsa matswallwa) hammoho le mefuta ya Mbuzi.
KZN e ke ke ya fana ka tlhoko ya profinse le dipodi tse phelang di kenngwa diprofinseng tse ding hammoho le Namibia. Mmarakeng ona, dipodi di rekiswa ka bophahamo ho ena le ho boima, kahoo phoofolo ya 22 kg le bophahamo ba 50 cm (mahetleng a bophahamo) e tla nka theko e phahameng ho feta phoofolo ya 25 kg ho bophahamong ba 45 cm. Dipodi tse rekiswang KZN di boetse di batla chelete e phahameng ho feta ha e rekiswa kae kapa kae Afrika Borwa.

Dipodi tse ngata di rekiswa ka ho toba ho basebedisi ba ho qetela (ka bahwebi, ditefello tsa penshene kapa direnkeng tsa ditekesi) mme 5% feela di rekiswa ka difantisi.

Translated by Bongani Matabane