Bapedi ba Afrika Borwa

© Dr Peter Magubane

Ho Falla ha Bapedi

Ho ya ka nehanotaba, Bapedi ba ka salwa morao ho fihlela Maroteng, e leng lekala la Kgatla, eo kajeno e leng karolo ya bohlokwa ya Batswana. Ho dumelwa hore mengwahakgolong e fetileng, e ne ka ba 1500, baahi ba Maroteng ba ne ba dula pela mohlodi wa Lekoa. Boreneng ba Morena Tabane ba ile ba fallela sebakeng seo kajeno se bitswang Skilpadfontein haufi le Pretoria.

Taba di supa hore ka puso ya setloholo sa Tabane, Motsha, mofumahadi wa hae wa thatohatsi e leng Mmathobele, o ile a qoswa ka ho pepa ngwana ya neng a lla a ntse a le popelong ya mmae(ho hlaloswang e le letshwao la boloi). Baholo ba ile ba laela hore mmê le ngwana ba bolawe. Ho thibela hona, Thobele, ya ileng a hlahlama Motsha boreneng, o ile a tsamaya. Yena le balatedi ba bangata, ho kenyeletswa le Mmathobele le ngwana hae, ba ile ba ya botjhabela, ba tshela noka ya Olifants (Lepelle) pela sebaka seo kajeno e leng Marble Hall. 

Ba ile ba jaka nokeng ya Steelpoort selemong sa 1650. Ha ba feta dithabeng tsa Leolo, ho bolelwa ha ba ile ba fumana lesiba la noko hodima seolo, mme hona ha nkuwa e le lehlohonolo. Ho tloha nakong eo, Maroteng ba ana noko mme ba ba le boitsebiso bo ikgethang ka yona. Kamora nakwana, Maroteng a ile a busa sebaka se seholo. 

Maikutlo a fapane hore Bapedi ba fumane jwang lebitso la bona. Kgopolo e nngwe ke hore lebitso ke phetolo ya Vhambedzi, e leng lebitso la morabe wa Vhavenda ba  dulang dithabeng tsa Leolo. Ho dumelwa ha ba rutile mekenella ya Maroteng bokgoni ba bona ba ho sebetsa ka tshepe. Ka nako eo, Vhambedzi ba ile ba monyela ka hanyane, hoo qetellong motswako o neng o setse o ile wa tsejwa ka lebitso la Bapedi.

Translated by Maletsatsi Sejake