Baobab

© Peter Delaney

Lebitso

Baobab

Lebitso la selatini

Adansonia digitata

Tlhaloso

Ka sefate se hlohlorang Makala se bolelele ba mitara tse 5-20. Sefate ha sa tlwaeleha se hola se paqame fatshe Africa le Australia. Ke sefate se holang haholo mme se nale khabon mme dipatlisiso di bontsha hore se phela dilemo tse fetang 3000, kotsi ele ngwe ya sefate sa Zimbabwe e kgolo e bontshang batho ba 40 ba ka kgona ho etsa se itshireletso tlasa kutu ya sefate. Sefate sena se fapane haholo le difate tse ding. Mefuta e fapaneng ya difate tsena e sebediswa ele lebenkele, tjhankane, ntlo, polokelo le setopo sa bese.

Kutu e boreledi eya phatsima, makgapetla a tsoka ha tshwane le makgapetla a difate tse ding, makgapetla a tsona a pinki bo boputswa ka nako tse ding a mmala wa koporo. Hase hlohlora makgasi e qhalakanya makala mme sefate se shebahala jwalo ka methapo e kgomarelang, se tla bese shebala ekare se lengwe ka fatshe ka hodimo. Ke sefate se thata haholo ho seboya, o ka setjhesa kapa wa se hlobodisa makapetla se tla qala makgapetla a matjha.


Ha se shwa se bola ka hare mme se putlame, se siye qubu ya faeba, e leng se etsang hore batho ba nahane hore ha se shwe, ka mora nako sea nyamela. Se iketsetsa tekoloho ya sona hobane se tshehetsa bophelo ba dibopuwa tse ngata, ho tlowa diphoofolong tse kgolo tse nyantshang ho ya diketeketeng tsa diphoofolo tse nyane tse phelang ditswa di kena letswapong la sefate sena. Dinonyana di etsa sefahlaha makaleng a sefate, ditshwene dija tholwana tsa sefate sena, bo mankgane baja lero la sefate sena mme dinke peo ya palesa, ditlou ha esale di tsebahala ka ho ratha sefate sena sohle mme se seje.

Difate tse nyane tsa Mowana ha di shebahale ka hotshwana letse kgolo keka hona banna ba morung ba dumelang hore ha se hole jwalo ka difate tseng empa se ya silakana fatshe ka sehoolo se boele se hole hape mme ka letsatsi le leng se boele se nyamele keka hoo batho ba se bitshang sefate sa Boloyi

Palesa le Tholwana

Mowana ke sefate se seholo, se nale palesa tse tsweu, tse bulehang bosiu. Tholwana e hola hofihla boholo ba leoto, e nale acid le vitamin C, e ka inelwa kapa ya anywa ho etsa seno se hlabosang. E ka beswa fatshe bakeng sa ho etsa kofi. Tholwana ha se yona feela karolo e ka sebediswang ya sefate, makgapetla a ya silwa ho etsa thapo, basekete, pampiri lesela, makgasi a ka bediswa bakeng ho jewa, sekgorametsi se ka etswa ka peo. Faiba e tswang makgapetleng e kasebediswa ho etsa thapo, basekete, lesela, seletswa sa mmino le marulelo a sa keneng metsi.

Ka nako eo ho tsumulwang makgapetla ho tswa kutung fatshe, difate tse ngata di ya shwa, empa Mowana ha oshwe ke kwetliso ena empa di qala makgapetla a matjha. Makgasi a foreshe a ya jewa jwalo ka moroho mme ke moroho o shebahalang jwalo ka sepinitjhe, e ka sebediswang ho laola mahloko a diphiyo, le tshwaetso ya senya, ashma, ho longwa ke dikokonyana le mahloko a mang. Tatso e monate e nang le dikweta ya tholwana le peo ya dinoko tse ngata ya hlokwa, ha Afrika le Australi ba sebedisa peo ho etsa sekgomaredi.

Bahale ba matswallwa

Zambezi, mefuta ya batho ba dumela hore ha lefatshe le ne lele lenyane Mowana o ne o lokile o le motlotlo. Ha hole jwalo bakeng sa mabaka a sa tsejweng, di ne rapela kgolo e nyane. Badimo ba ile ba utlwa bohloko mme ba fothola sefate sa Mowana, ba se kgutlisetsa hape lefatsheng , metso e se e shebile hodimo. Moya o ditshila ha jwale o tsomana le palesa mme e mong le e mong ya ka e nkang o tla bolawa ke tau. Mowana o le mong o moholo o ntse o tsongwqa ke sepoko Zimbabwe.

Pele monna ya mosweu a tla hone ho na le kolobe ya muru e neng e phela ka hara kutu sefate seo, mme e ne erapelwa ke setjhaba se phelang moo. Bane ba rapella pula, tjhai le hot soma, kolibe ya muru e ne e araba dithapelo. Monna wa setsumi a mosweu wa pele o ile a thunya kolobe, mme sena se ile sa isa ditlamoraong tse kotsi. Bosung boo matswallwa a ile a utlwa modumo ho moholo o hlabang o tswelang pele ka hara sefate.
Fuel National Park, Zambia, se seng sa difate tse kgolo sa Mowane se tsejwa ka Kondanamwali- sefate se jang barwetsana.

Sefate sena se seholo se ile sa rata barwetsana ba bane ba battle ba neng ba dula meriting wa sona. Ha ba se ba hodile ba batla banna ho etsa sefate se be mona. Bosiung bo bong ha diyaduma di kupa, sefate sa buleha ho nkela barwetsana ka hare ho sona. Ntlo kaofela e ne e ahilwe ka makala a sefate. Bosiung ba difefo barwetsana ba batshwaruwa ba lla mme ba etsa hore ho thothomele, ha se modumo wa diphoofolo tse hlaha. Limpopo ba dumela hore ha moshanyana a ka hlapa ka metsi ao ho soukuweng lekgapetla la Mowane o tla hola hoba monna.


Matswallwa a mang a dumela hore sena se pakuwe ke bo rasiense. Matswallwa a mang a dumela hore basadi ba dulang lesakeng le oho nang le sefate sa Mowane ba ba le ban aba bangata hofeta ba dulang moo ho seng sefate sena. Ba ja sopho eetswang ka makgasi a sefate,mme e riule divitamini. Sena sebusetsa kgaello ya dijo e meleng. Dingaka di paka hore sena se fana ka manyolo. Monna wa moAfrika wa setsumi ona le mohale a bolelang ditaba tsena tsa tumelokgolo. Merabe emng Tranvaal ba hlatswa bana ba bashanyana ka metsi a inetsweng lekala la sefate. Jwalo ka sefate batla hola ba be matla.

Moo difumanehang teng

Difumaneha ho ralla le Afrika. Di holale madagasca, India, Ceylon le Australia. Di hola dibakeng tse ngata tsa Zimbabwe. Porofenseng ya Leboya difumanwa pakeng tsa Limpopo le Zoutpansberg. Mesina ke toropo ya Mowana. Mowana o bonahalao rata sebaka setjhesang.