Taolo ya Maemo a Lehodimo - Moya le Mongobo

© Glenneis Kriel

Ho boloka dikgoho maemong a lokileng a lehodimo, maemo a moya le mongobo ka tlung a lokelwa ho laolwa.

Moya

©Glenneis Kriel
Ho ya ka Ross’s Broiler Handbook, moya ke tsela e ka hodimo ya ho laola tikoloho ya dinonyana. Ho thusa ho boloka kamohelo ya boleng ba moya ha e ntse e ntsha mongobo, e lekanya kgoneho ya kgase e ka hahelang le ho boloka nonyana maemong a lokolhileng a baemo ba lehodimo.
Nakong e qalang ya bophelo ba nonyana, e fana ka motjheso ho di boloka di futhumetse le ho lokoloha, le ho fana ka moya o foreshe o loketseng ho boloka boleng ba moya o amohelehileng ka tlung. Ha dinonyana di ntse di hola mme di qala ho hlahisa nama e ngata, moya o mongata o a hlokeha ho ntsha motjheso le dihlahiswa tsa phefumoloho ho tswa ntlong. Ho nale mekgwa e mmedi ya moya ho ya ka Ross.

Moya wa Tlhaho

©Glenneis Kriel
Moya wa tlhaho ke ha o na le mahlakore a bolehileng ntlong, ka dikgaretene, dikwalo kapa mamati ka mahlakoreng. Dikgaretene tsena kapa dikwalodi bulehile kapa di kwalehile ho laola moya ho kena le ho tswa ka tlung.
Bahlahisi ba bang ba sebedisi hetara ho phahamisa motjheso le theola motjheso. Ho thata ho laola maemo a lehodimo ka tlung o sebedisi tsamaiso ena, hobane ntlo e pepesehile haholo maemong a kantle a lehodimo. Ho ya ka Ross, moya wa tlhaho o sebetsa hantle ha maemo a kantle a lehodimo a le haufi le tlhokeho ya motjheso ka tlung.

Moya o Haufi Tikolohong

Tsamaiso ya moya o ekeditsweng o sebediswa katlung, mohlomong enang le mabota a mahlakoreng a thata kapa dikgaretene tse dulang di kwetswe nakong ya tsamaiso. Difene le dipeipi di sebediswa ho etsa moya ka tlung. E theko e hodimo empa e fana ka taolo e kgolo ho bahlahisi ho maemo a lehodimo ka tlung.

Mongobo o Amanang

©Glenneis Kriel
Mongobo o amanang o tshwantshwa le metsi a mouwane moyeng. Ha dihitara di sebediswa hangata di etsa mongobo mme ho be le marothodi, eo hangata e etsang hore batho sokole ka ho omella letlalo le dinko. Dikgohong maemo a mongobo a ka tlase ho 30% a tla omeletsa tsamaiso ya ho hema mme nonyana e qetelle e fehelwa. Nonyana e ya ferekanya le ho ba mabifi, ho ya ka Hyline.
Maemo a phahameng a mongobo, ka lehlakoreng le leng, a theha tlhaho ya e ntle ya mefuta ya hlobo le dikokwanahloko. Mongobo o amehang ka tlung ya dikgoho o tlameha ho ba dipakeng tsa 40% le 0% ha di le nyane. Dinonyana di eketsa maemo a mongobo ha di ntse di hema le ho akgela.
Jwale re ka etsang ho thoeola maemo a mongobo?
Sebedisa mokgwa o nepahetseng wa bongata ba setoko. Ha o ntse o ba le dinonyana tse ngata bakeng sa metara ha bedi, mme ha o dula o akgela obaka ho fehelwala.
Laola moalo ka tsela e nepahetseng ho theola maemo a mongobo. Ha o sa sebedisi moalo, tlosa akgela hangata sebakeng sa tlhahiso.
Sebedisi ho teba ha moalo. Mariha moalo o lokela ho ba motenya ho feta hlabula.
Etsa bonnete b shore ha hona ho rothela ka tlung. Lekola dinwi, dipeipi le moaho mme o lokise moo ho rothelang kapele ha o hlokomela.
Dinonyana di lokela ho ja ka tsela e nepahetseng ho thibela letshollo.
Ke eng se ka etswang ho phahamisa maemo a mongobo?
Foloru e ka fafatswa ka metsi
FOGGERS kapa difafatsi tsa metsi di ka sebediswa ho eketsa mongobo moyeng.

Translated by Sebongile Sonopo