Brown Headed Parrot

© Nigel J Dennis
Brown Headed Parrot.

Lebitso

Brown headed parrot

Tjhebahalo

Ke enngwe ya dinonyana tse nang le hlooho e putswa. E nale mapheyo a masehla karolong e ka pele ao ka bomadimabe a bonahalang ha e fofa. Thaka ya leihlo e putswa bo bosehla. Hlooho e sootho ena le bosweu qetellong, e ntsho hodimo. Botsho ba teng bo ya ka dinonyana ho fapana. Tse ding tse nang le dihlooho tse sootho di na le mahlo a masehla empa di lefifi, le boputswa bo bosehla. Tse ding di na le mahlo a boputswa bo kganyang.
Tse ding dina le mahlo a maputswa le ha di se dihodile. Tse nyane di na le dihlooho tse putswa bo botsho, mahlo a batlile a ba matsho, a kganya ha nonyana e se ena le selemo. Tse hlooho di sootho di ba putswa ka nako moo qetellong dibang tala molaleng. E hlooho e tala lebitso la yona la siense ke sryptoxanthus, ho bolelang bosehla bo patehileng eleng bosehla bo mapheyong a yona ka fatshe. Tse hlooho e sootho ke tse nyane. Di kaba bolelele ba disentimitara tse 9 ho kenyelletsa mohahla.

Dijo

Dija dipeo tse fapafapaneng, matokomane, monokotshwai, dipalesa, ditholwana le meroho. Di kgaola le poone le nyalothe, mme di nkuwa jwalo ka disenyi temong le dikarolong tse itseng. Di fumaneha ka dihlopha tsa ho fihlella ho 50 moo ho nang le mehlodi e metle ya dijo.

Tswalo

Di hola ka ho felletseng ha dina le dilemo tse pedi, empa ha d itswale ho fihlella dina le dilemo tse 3 kapa 4. Tse hloho disootho di rata haholo ho qhotsa mariha, le ha fela hona le tse qhotsang nako enngwe le enngwe selemong. Di qhotsa ha nngwe kapa habedi selemong, mme e fuwama mahe a 3-4 bonyane, nako ya ho fuwama ke matsatsi a 28. Di ikemela ha dina le dibeke tse 8-10.

Boitshwaro

Tse hloho di sootho ha ngata di fumanwa ka bobedi kapa ka dihlopha tse nyane, mme di bontsha di rata difate tse telele tse kgolo di rata dibaka tse phahameng. Di dihlong di mmala wa masole, ha se hangata di bonahalang ha di fofela sefateng. Ho ya ka lexicon ya tsona, tse hlooho disootho ka nako enngwe di fumanwa mmoho le di cape parrots.

Lebitso ka selatini

Poicephalus cryptoxanthus.

Moo difumanehang

Difumaneha Bophirima ba Afrika Borwa. Borwa Bophirima ba Afrika di fumaneha dikarolong tsa Afrika Borwa, Kenya, Zululand, Mozambuque, Tanzania, Zimbabwe, Mali le dihlekehlekeng tsa Zanzibar le Pemba.