Tshireletso ya Mobu

Tshebediso ya mobu wa manyolo tshimong kapa polasing e ka ba molemo o moholo bakeng sa bophelo ba mobu ka kakaretso le tshimong. Mobu o wa manyolo o dula o ena le lehola ka nako tsohle, e hanwa ke komello ho feta mobu o sa apeswang le semela se hola hantle.

©Marinda Louw

Tshireletso ya Mobu ke Eng

Manyolo ke dinthwana tse beuweng hodima mobu ho etsa kobo. E kaba ya tlhaho kapa manyolo a maiketsetso. Mohlala ka tlaho ke makgaso, dipolasitiki tsa kgale, dihlahiswa tsa patsi, koranta kapa diapesa tshimo tse tshesane. Tsa maiketsetso ke polasitiki e apesang le ditaere tse senyehileng jj.

Melemo ya ho Sireletsa Mobu

©Abhay Iari

Manyolo a fokotsa mouwane mobung, e thibela kgoleho ya mobu le ho hatella kgolo ya lehola. Monyetla o mong wa manyolo ke ho bodisa le fana motheo wa dikwetla bakeng sa dikokwana tsa mobu tse fetohang ho fana ka dikwetla semeleng.

Tshireletso ya maiketsetso e kang polasitiki e hangata e sebediswa semeleng se ratang motjheso jwalo ka tamati le eggplant jwalo ka ha diboloka mobu o tjhesa. E sebediswa hape ho sireletsa dijalo tse hohobang jwalo ka storoberi le komokomoro hore di se bole le ho di boloka di hlwekile. Tshireletso ya mobu ya maiketsetso ha ena molemo wa manyolo, mme ebile e fokotsa moya o hlwekileng le ho phahamisa motjeso mobung eo e qetellang e bolaile dikokwana tsa mobu.

E lokela ho hlakiswa hore ho sebedisa dintho tse bodileng tse thata jwalo ka paitsi, e ka ntsha naetrojene mobung bakeng sa ho bodisa disebedisweng tsa patsi. Sebedisa naetrojene e kwenneng ya ya jwang tse kang ho kwahela meroho tshimong le ho fokotsa disebeditswa tse thata mobung o mosesane.

Tshireletso ya Mobu e Sebediswa Jwang

©Marinda Louw

Tshireletso e ka rekwa, empa ho loketse ho sebediswe disebediswa tse tswang tshimong kapa polasing e le tshireletso. Sebedisa tse faotsweng ho tswa sefateng, makgasi, jwang bo kgaotsweng le patsi ho siteletsa tshimo. Sapele, tlosa lehola mme o nosetse hantle. Beya tshireletso ha tenya, ho tloha 2.5 cm to 15 cm botenya, ho tsa ka bonolo ba disebediswa. Tshireletso e bonolo e lokela ho alwa 5 cm ka ho teba, ha disebediswa tse kang makgapetla di kaba 10 cm ho teba. Apesa bonyane 15 cm hole le kutu le teranka bakeng sa semela hoba sena se ka baka baka ho bola ka baka la mongobo o ka bakwang tshireletso.

Ha o sebedisa koranta jwalo ka tshireletso, sebedisa tse nne ho isa ho tse robedi tse mongobo mme a apese ka tshireletso ya tlhaho hape. Tshireletso e ka sebediswa tshimong e apesitsweng e lenngweng sebakeng se kwetsweng. Mohlala, e ka kgabelwa mme ya tshelwa hodima mobu bakeng sa ho sebetsa ha bedi e le manyolo a matala le tshireletso kapa e folete e thathetseng ho fana ka tshireletso ya naetrojene e kwenneng e tala.

Translated by Sebongile Sonopo