Oli ya Toanemoru

© Alice Notten of Kirstenbosch

Oli ya bohlokwa ya toanemoru e hlwekiswa ho tswa sehlaha se essential oil is distilled from the aromatic bushy perennial herb that grows along the coastal regions of South Africa and in some mountainous regions of the Free State and Lesotho. Leloko la Helichrysum le na le mefuta e ka fetang 6000 ka palo ha e 240 e mela Aforika Borwa. Mefuta e mehkano e a sebediswa kgwebong ya oil e bohlokwa Aforika Borwa. Mefuta e bohlokwa e meraro ke Helichrysum odoratissimum (ena e sebediswa haholo ebile e mela feela Aforika Borwa). H. splendidum (mofuta on on tswallwa Aforika Borwa) le H. Italicum (dipeo tsa mofuta ona di tswa Ithali).

E tsejwa e le sejalo se sa feleng, baahisane ba naha ba e bitsa imphepho (ka Seqhotsa le Sezulu), kapa kooigoed (ka Sekgothu le Afrikanse). Ka setso, e sebediswa ho buisa badimo, ho fedisa meye e mebe diphaphosing le ho kubetsa diphaphosi tsa bookelo. E sebediswa ho qhela dikokwanyana, ebile e sebediswa moalong ho fedisa tlhobaelo. E tsejwa ka ko phekola tsitsipano le hlooho e opang ebile e ka sebediswa ho phekola kgohlelo, sefuba le feberu. Ke selwantshakokwanahloko se matla, hona ho etsa hore e be bohlokwa diphahlog tsa thuso ya kotsi ho phekola ho longwa ke dikokwananyana le dikgo, phepheng le dinoha.

Oli ya taonemoru e na le makgetha a lwantshang ho ruruha (hona ho loketse ho phekola mahlaba a mesifa, le ramatiki), ebile is also selwantshahlobo le tshitapetlo ka ha e makgaetha a teng a ho fodisa a thusa ka ho phekolla mabadi, letlalo le lekgopo. Makgetha a yona lwantshang botsofadi a kgothaletsa ntjhafatso ya masole a mmele, ke ka ho e leng sesebediswa se loketseng ditlolo le setlolo se sireletsang ho tjha ha letsatsi. E sebediswa ho phekola lethopo la diboronoki ebile e lwantsha dialeji ebile e phekola kgathello ya maikutlo le ho matlafatsa hlohlomelo ya methapokutlo.

Maemo a lehodimo ona ama tlhahiso ya thepa ena. Ha sejalo se fuuwa metsi a lekaneng se ka fana ka kotulo habedi ka selemo - ka selemo hape le ka hwetla. Disebediswa tsa sejalo - mahlaku, dikutu le dipales - di sebediswa di omme kapa di phodile mme ha e hlwekiswa ka phofudi e hlahisa oli e tshehlana e metsi. Setebelalephoka se matla, se mobu ebile se bojwang. Dijalo di mela ka dipeo kapa ho jalolla dikutu (tse ntjha tse sa thunyeng dipalesa.) Bahlahisi ba Foreisetata Hlohlolwane i (moo e holang hlaheng ebile e kotullwa teng), leboya la Gauteng, Baviaanskloof (Kapa Botjhabela) ebilele Stellenbosch le Piketberg Kapa Bophirima.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.Translated by Seipati Mohapi