Oli ya Marula e Riusang Letla Mongobo

Sefate sa Marula se nang le ditshebediso tse ngata (sclerocarya birrea) e ajuwe ho ya le Afrika ka baka la ho falla le hoba letswallwa la Afrika Borwa (Afrika Borwa, Botswana, Zimbabwe, Swaziland, Namibia leAngola), Afrika Bophirimela (Nigeria, Gambia, DRC) mmoho le Zambia, Suiden, Euthopia, Kenya, Tanzani (ho kenyeletsa Zanzibar) le Uganda. E sa tswa tsebiswa le Mauritius, Reunion le ho hola Israel, Australia le India.

Marula e tshaba leqhwa, le ho amohela mobu o futsanehileng mme e rata dibaka tse futhumetseng tse ommeng tsa Afrika Borwa haholo Mpumalang Phalaborwa profinsing ya Limpopo. Sefate se ka hola hofihla ditaneng tse 3 ka diporeima tsa ditholwana tse nkgang monate. Ha e butswitswe e mmala o mosehla bo kganyang, le bosweu, nama e rothisang mathe le tatso e kgomarelang. Ditholwana, matokomane, makgapetla, makgasi le kutu di ya sebedisi.

Sefate sa Marula se ka hola ha bobebe ka peo (e inelwang bosiu bohle), empa le ka ho kgaola o lema. (ho kopanya ke ha kgaolwa karolo e hodimo mme e kopanngwa le kutu ya metso hore e hole mmoho). Dutolwana di qala di wa sefateng ka Hlakola le Tlhakubele, moo di tla holela fatshe (Tlhakubele le Mmesa). Ditholwana di tla nkuwa fatshe, dihlatsuwe ka matsoho, di kgabelwe mme di silwe.

Tholwana ya Marula e ya ritelwa e sebediswe dinomaphoding (lero, jwala le biri) mme e nale almonte e ngata e makgetlo a mane ho feta Vitamin C ya lero, 100g ya tholwana ya marula e tla le 194mg ya vitamin C. letlalo le ka sebediswa ho etsa sesepa, kgomo le atjha. Makgasi a marula a nepahetse ho fepa nako e telele, makgapetla a sebediswa ho etsa dae sootho mme patsi e sebediswa ho betla.

Matokomane (hangata a ya beswa mme a jowe), seqo kapa peo di nale 65% ya oli, boleng bo hodimo ba sehlahiswa. Dirtied di lahla boholo ba matokomane ka ba a tjhese bakeng sa mollo hobane matokomane a petsohileng e lokile bakeng sa ho tlosa oli e manganga ya marula.

Oli ena e ruile esiti ya mafura a hlokehang mme loketse sebopeho sa meya e leng taba kgolo tshebediso jwalo ka mongobo wa letlalo le ho sireletsa mefuta yohle ya letlalo haholo botsofe le letlalo le senag phepo. Marula e nale vitamin C le E e hodimo mme ruile esiti ya mafura e menahaneng e etsang hore oli e dudisehe mme e kgona ho emela tsamaiso ya moya. Oli e riuleng ho lekaneng e nale hothella ho nepahetse e leng ho e etsang oli enepahetseng ya ho sidila.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Sebongile Sonopo