Nama ya Podi: Ditshobotsi le ho Pheha

© David Blaine
Ho ruwa dipodi Afrika Borwa ho lebisitswe ho hlahiswa ha dipodi bakeng sa nama (liphoofolo tsa matswallwa le dipodi tsa Boer), faeba (mohair ho tswa ho dipodi tsa Angora), dihlahiswa tsa lebese ho tswa dipoding tsa lebese hammoho le matlalo le cashmere. Hara tsona, indasteri e kgolo ka ho fetisisa ke karolo e sa rerwang ya polasi ya nama ya podi. Lefapheng lena, dipodi di rekiswa di phela mme di hlajwa dibakeng tse sa tlwaelehang bakeng sa ditumelo le meetlo.

Nama ya podi e hlahisa nama e kgubedu e fetang 60% lefatsheng ka bophara. Dintho tse kgethilweng bakeng sa nama ya podi di thehilwe ka setso le bodumeding hammoho le boemo ba sechaba sechabeng, dipatlisiso tsa Alabama Cooperative Extension System ya Alabama A & M le Auburn Universities tsa USA di fumane. Nama ya podi e ratwa ke batho ba Maaspanishe ba kgethang bana ba nang le boleng ba dipodi le dihlekehleke tsa Caribbean le baahi ba Mamosleme ba kgethang nama ya dipodi tsa kgale hammoho le banna ba ntseng ba tille (ba sa faollwang).

Cabrito ke nama ya podi e tswang dipoding tse fepehileng ka lebese, hangata di hlajwa dilemong tse pakeng tsa dibeke tse 4 le 8. Dikarolo tsohle tsa cabrito dia sebediswa, ho kenyelletsa le dikahare kapa nama ya ditho. Nama e bonolo ebile e monate nakong ena. Cabrito ke dimenyemenye haholo Central le South America.

Dijo tse tswang ho dipodi tse hodileng di sebeliswa haholo dijong tse sebetsitsweng tse kang disoseje.

Mekgwa ya Ditshobotsi tsa Phepo ya Nama ya Podi

Nama ya podi (chevon) e ratwa hobane e tlaase ka mafura mme ha e na tatso ya nama ya phoofolo ya naheng ya venison. Batho ba bangata ba kgetha nama ya dipodi tse nyane ho feta dikgwedi tse 12 ha e le bonolo. Ho phaella moo, chevon e tlase ka kholeseterole ho feta mmutla, venison kapa nama ya kgomo. Mafura a mangata a nama ya podi a ka tlase ho 40% ho feta a dikgoho tse se nang letlalo mme a ka ba 50 - 60% ka mafura ho feta nama ya kgomo e lokisitsweng ka ho tshwana, empa e na le diprotheine tse tshwanang.

Ha e bapiswa le nama kgoho (162) nama ya kgomo (172) nama ya kolobe (175), nama ya podi e na le dikhalori tse seng kae (122).

Boleng ba Nama ya Podi Botle ho Polao

©Susan Schoenian University of Maryland Extension
Ka lebaka la ditshobotsi tse itseng tsa nama ya podi (maemo a phahameng a pH le glycolytic potential e tlaase), ho hlokahala hore ho sebediswe mekgwa e itseng ya ho ntlafatsa boleng ba nama ya podi. Ka mohlala, tshebetso ya motlakase le ho dieha ha ho phodisa ditopo ho ka thibela ho kgutsufatsa ha nako le ho ntlafatsa ho fetoha ha mesifa ho ya ho nama.

Haeba setopo sa podi se phodile fatshe ka potlako ka mora ho hlajwa, ho kgutsuwa ha serame, ho etsa hore mesifa e sebetse. Sena se fokotsa ho honyela ha mesifa, e leng se etsang hore nama e be thata.

Bareki ba amehileng ka nama e dikgwele le e thata ya podi e ka fetolwa ka ho kenyelletsa mekgwa ena e le karolo ya mekgwa e tlwaelehileng ya ho hlajwa diphoofolong.

Ho Pheha ha Nama ya Podi

©Susan Schoenian University of Maryland Extension
Dipatlisiso tsa Amerika di bontshitse hore batho ba ithutang ka ho pheha ha nama ya podi ho hlokahala ho eketsa botumo ba nama ya podi. Ka lebaka la dihlahiswa tse tlase tsa mafura, ho kgothaletswa hore o phehe nama ya podi maemong a batang haholo.

Ho pheha maemong a phahameng a mocheso ho ka baka tsitsipano mme ho ka fella ka nama e ommeng, e thata. Sena ke sa bohlokwa ka ho kgetheha ha ho pheha nama ho dipodi tsa kgale, mohlala, dipodi tsa Angora.

Mekgwa ya ho pheha e ka hlahisa diphello tse fapaneng ho ya ka dilemo tsa podi le mofuta wa podi. Elna van den Bergh ya ileng a etsa diteko tse kgolo tsa ho pheha le nama ya podi ya dipodi tse kgolo tsa Angora le dipodi tse nyenyane tsa Boer o fumana phapang nameng; nama ya Angora, le hoja e tswa diphoofolong tsa kgale, e na le dijo-thollo tsa name tse monate haholo ha e bapiswa le tse ding tsa nama ya podi ya Boer.

Bakeng sa nama ho diphoofolo tse hodileng, nako e telele ya ho pheha e monate ho hlahisa chai e ngata ho feta ho pheha ka ho potlaka ho kang ho braai.

Nama ena e boetse e loketse ho e sebediswa e le nama e fokolang ha dikgwele tse thata di robeha nakong ya tshebetso ya ho sila nama.

Bophelo ba morao-rao bo tsitlallela ho feta leha e le neng pele mme hase kamehla nako (le bokgoni) ho tsamaisa le ho ja dijo tse fokolang ka mohlala.

Elna o kgothalletsa hore disebediswa tsa nama tsa podi tse kang di sosaties, voroso, voroso e omisitsweng le dihlahiswa tse inetsweng ka dinokong di ka kgothalletsa bareki ho eketsa tshebediso ya nama ya podi Afrika Borwa.

Translated by Bongani Matabane