Mandela le leloko la Benjamin Pogrund

© Eric Miller

Mosa wa Mandela

Lelapa laka le nale tsebo e ikgethang ka mosa wa Mandela. Ka Pherekgong 1986, mora waka Gideon o ne a keteka bar mitzvah, e leng mokete o etswang ke MaJewish ha ba kenya bashanyana bonneng ka dilemo tse leshome le metso e meraro. Ke ile ka etela Mandela ka tjhankaneng ya Pollsmoor dibeke pelenyana mme ke ile ka motsebisa ka mokete ona.

Ke ya kgolwa o ile a teana le mathata ho fumana pampiri ya boleng, empa o ile a ngolla Gidieon molaetsa wa takaletso tsa mahlohonolo. Dilemo tse nne ka morao, ha Mandela a tswa tjhankaneng, ke ile ka mo letsetsa ke le London moo a neng a dula teng. Ka mora ho mo amohela tokolohong ke ile ka fa Gideon mohala a qala ka hore ‘Hello Monghadi Mandela’ ka morao ha hlaha letswe le tebileng le phefa ’Ke eng seo Monghadi Mandela? Mpitse malome Nelson.’

O ile a siya Gideon le dinaledi ka mohlong a hae. Ka mora nako o ile a tswa tseleng ya hae ho thusa moradi waka Jennifer. O ile a etsa hore a be le yena sefofaneng sa bopresidente, ka 1991, o ile a etela Afrika Bophirima kgetlo la pele dilemong tse 30. O ile a batla le thuso ho ANC ka mora ho thella ho tswa ka Afrika Borwa. Ha jwale o nale boemo ba boemahale mme bo ile ba amohelwa ka thabo.

O ile a hlahisa a ba tsamaisa documentary ya leeto la hae, ‘The Last Mile: Mandela, Afrika le Tokoloho’. Serapa se seng se bontsha moo aleng Goree Island, a ya lebopong la Dakar, ho tswa moo dimiliyone tsa makgoba di ileng tsa iswa teng America, mme e nale metsotso mo atametseng eo a phomotseng, ha a buwa ka bophelo ba hae le ditabatabelo tsa hae ka tokoloho e tlang Afrika Borwa.

Translated by Sibongile Sonopo

Benjamin Pogrund's Favourite Mandela Story

Hara dipale tse ngata ka Mandela eo ke e ratang ke ha a ne a mpolella ka Jules Browde, monna wa lekgowa ya tsebahalang eo e leng moemedi wa ...more

History that Shaped Mandela by Benjamin Pogrund

Kgohedi eo Mandela a nang le yona e sa fumaneheng ha bonolo e hlahella dipuong tsa hae....more