Jeoloji ya Mapungubwe

Lebanta le Tsamayang la Limpopo

©Roger de la Harpe
Ha re bua ka jeoloji, Mapungubwe e dutse ka hara motse pakeng tsa di craton tse pedi (e leng karolo e kgolo ya sekgahla se tsitsitseng). Ho tepella maikutlo hona ho bitswa Lebanta le Tsamayang la Limpopo. Dilemong tse ka bang dimilione tse 250 tse fetileng, mokoloko wa lefatshe o ile wa qala ho fetoha ka lebanta le lejwe le qhibidihisitsweng la seaparo se ka hodimo le ile la kenngwa ka mekgabiso e patisaneng lejweng la lehlabathe.

Sena se ile sa theha dolerite dykes mme, ha lejwe la lehlabathe le ne le kgeloha, dolerite e thata e ile ya sala morao e le letswapo la sebopeho se twaelehileng. Ho tloha tlhorong ya leralleng la Mapungubwe o ka bona mohlala o bolokehileng hantle wa sena, ho pata hohle sebakeng sa mobu o otlolohileng, o motsho. Batho ba bangata ba nahana hore dyke ena ya tlhaho ke mohaho o moholo o entsweng ke baahi ba Mapungubwe.

Beisine ya Limpopo

©Roger de la Harpe
Empa ho ne ho ena le bophelo Beisineng ya Limpopo bakeng sa dimilione tsa dilemo pele ho tla ha batho. Mesaletsa a di Dinosaur tsa dilemo tse 200 di fumanwe. Dintho tse ding tsa thahasello ya di palaeontological di akarelletsa mesaletsa ya dimela, dimela le diphoofolo ka mefura-futa. E meng ya mehlala ya maoto a di dinosaur e boetse e kgethollwa, a ngotswe ka hara majwe a seretse.

Le hoja ho sa fumanwe mesaletsa a hominid, disebediswa tsa mehleng ya kgale ya majwe di bonahala ho pholletsa le Serapeng sa Sechaba sa Mapungubwe. Haufinyane tjena, mehleng ya morao ya majwe baetsi ba ditshwantsho, ba kang Barwa, ba pentse ho mamella majwe a marulelo marakong a mahaheng a potolohileng leralleng la Leokwe.

Translated by Bongani Matabane