Honey Badger

© Karl Svendsen

Lebitso

Honey Badger [Mellivora capensis]

Tjhebahalo

Di bolelele b aba dimilimitara tse 250 mahetleng ka boima ba dikilogram tse 12. Le tlalo yana le nale moriri o motenya o moputswa o mothang ho tlowaka ho dima mahlo hoy a qetellong ya mohatla. E nale mmele o nang le setshetsi fatshe, ka ditsebe tse nyane, le maoto a nonneng le dingwapalela tse kgolo.
Qellong e itlwaetsa ho tjheka le ho qeta nako e ngata ele ka tlasa lefatshe,ha ka bo yona ke sebetsa se matla. Ke phoofolo ya fatshe empa e ka palamela, haholo ha e hohetswe ke manyepa. E tsamaya e iketlile empa tjheseho le tatello ya yona ke hore e tsome ho fihlela phofu e mathela mobung.

Dijo

Ke phoofolo e jang diphoofolo tse nyane tse fapaneng, dikgo le ditweba. E ja le tse kgolonyana tse kang noha le mmutla. E ja le diphoofolo tse shweleng tse bolauweng ke dophoofolo tse ding. Di tsebahala ka hoja manyepa a dinotshi. Hon ale menyenyetsi e reng di etellwa pele ke nonyana ya manyepa. E lokelwa ho lefuwa ke honey badger ka makumane a kgekge.

Tswalo

E tswala nako e nngwe le e nngwe ya selemo. E tswala manyane a mabedi. Diphuputso borwa ba Kalahari di bontsha ha madinyane a dula le bo mma ona hofihlela a ba dokgwedi tse 14, pele a ikemela. Ho bontsaha e fapana le Eurasian badger e ikemelang ka kgwedi tse 3.

Boitshwaro

James Stevenson-Hamilton moelebedi wa pele wa Kruger National Park, o hatisitse diketsahalo tse pedi moo honey badger e neng e hlasela Pudumo le Kgama, ka ya ditapoleng. Ka lebaka la ho lemala tsa shwa. Ha ho tsotsng hore phoofolo ena e lwana ka sebete. E rata bo mong mme ha e tsoma e tsamaya ha nyane e ntse e fofonela lefatshe ho nkgella mekoti ya ditweba le dihahabi. Afrika Borwa e tsebahala ka ho tsoma bosiu hlabula le maria. Moo e fumanang amehang ke batho e tsoma bosiu.

Bodulo

Honey Bagder e nale bodulo bo nammeng bo ka mamellehang mme di fumaneha ka ho fapana maemong a tikoloho, ntle feela le mahwatata le dibaka tse fumanang pula e fetang 2000 mm ka selemo.

Moo di Fumanehang

E fumaneha ka ho nama Afrika Borwa, empa ha e fumanehe mabopong a leboya-bophirima.

Dira

Tse kgolo di bolawa haholo ke mangau le ditau. Mmala wa tsona o motsho le o mosweu o bontsha temoso ya matla le phehello ya tsona direng tsa tsona.

Dintlha tse Nang Thahasello

Honey badger e bontsha e na le tshwaetso ya tjhefu ya noha. Honey badger ha e lonngwe sefahlehong ke marabe a a nang le tjhefu, e bontsha ho utlwa bohloko bo boholo emap e fola dihoreng tse hlano. Tshwaetso ena e ka hola bophelo bohle ba Honey badger ka baka la kamano le tjhefu ya noha, sekgo le notshi.
Madinyane a manyane a thibelwa ho fumana tjhefu dinoheng ke bo mme ho fihlela di eba le bokgoni bo lokelang. Ha Honey badger e bontsha ena le tshwaetso ya kgwele ya notshi, di fumanwa di shwele ke tshwaetso ya letlalo, haholo ka hara sehla sa kgwebo.