Ho tswa ha Nelson Mandela

© Eric Miller

ANC e ya Kgutliswa

Ho tlowa ka 1986 Nelson Mandela o ne a ena le kgokahano le maloko a mmuso, haholo le ministara wa poelano Kobie Coetzee le ministara wa ntshetso pele ya motheo, Gerrit Viljoen. Qetellong a ba le kopanao le hloho ya mmuso e leng PW Botha ka Phupu 1989 Tuynhuys.

Ka Tshitwe 1989 o ile a kopana hape le hloho e ntjha ya mmuso e leng FW de Klerk. Ka 02 February de Klerk a hasa ho lokollwa ha ANC le mekgatlo e memng ya dipolotioki ka nako ya pulo ya palamente. Mandela o ile a lokollwa tjhankaneng ka di 11 tsa Hlakola 1990. Mandela hang ka mora moo a etsa di puo raling e kgolo Cape Town le Durban e ileng ya hohela makgolo kgolo a batho.

Tswelo pele ho ya dikgethong tsa 1994

Dilemo ho ya ho 1994 di ne di le maphatephate haholo. Nelson Mandela o ile a tsamaya ka hare ho naha ya Afrika Borwa le dikarolo tsa lefatshe, a kopana le kopana le maloko a bohlokwa a mmuso le ANC. O ile a qala Lusaka moo a neng a kopana le komiti e kgolo ya ANC ka 1Tlhakola 1990. Ka mora moo Mandela a etelela mopresidente wa ANC OR Tambo Sweden, empa o ile a kgaola leeteo la hae hare ka lebaka la ho hloka botsitso ka hara Afrika Borwa.

Ka Motsheanong 1990 Mandela o ile a etella pele moifo ka dipuo tse tshwerweng ke dikemedi tsa mmuso wa Afrika Borwa Groote Schuur. Ka Phupjane Mandela o ile kena leetong la dibeke tse tsheletseng Europe, United Kingdom, North America le Afrika. O ne a fumana thooletso hohle moo a fihlang. Ka 1992 Mandela o ile a oketsa maeto a hae, ka ho etela Tunisia, Libya le Morocco. Yena mmoho le President FW de Klerk ba ile ba amohela Unesco Houphuet-Boigny Piece Price Paris ka di 03 Hlakola.

Ka nako e le nngwe banna ba babedi ba ho Wold Economic Forum Davo, Switzerland. Ka di 3 Mmesa 1992, Mandela o ile a bitsa seboka sa bo raditaba, moo a ileng a hlalosa hore yena le mofumahadi wa hae Winnie ba ya arohana ka lebaka la diphapang tse teng pakeng tsa bona dikgweding tse fitileng.

Kutlwisisano e hatisitsweng ya ho tekena

Mandela o ile bontsha hore ka Lwetse 1992, o ikemiseditse ho kopana le mopresidente De Klerk ha feela a dumela ho kgaola ditshwantsho tse dipontsho tsa dibetsa tse kotsi le ho ntsha batshwaruwa tjhankaneng.
Ba ile ba kopana mme mafelong a kgwedi puisano ena ya boradipolotiki ba babedi e ileng ya fella ka kgatiso ya ho tekena kutlwisiso pakeng tsa baetapele bana ba babedi, mme sena se etse hobe le dipuisnao tse tswelang pele.

Dikgetho tsa bopresidente

Ka Lwetse 1993, Mandela o ile a etela America ho kopa hore baetapele ba bo rakgwebo ba lefatshe ho phahamisa moruo wa Afrika Borwa. Nakong ya haufi le ho fela ha 1993 le maqalong a 1994 Mandela o ile etsa phutuho bakeng sa mokgatlo wa ANC dikgethong tsa 1994, dikgetho tsa pele tse akaretsang di ile tsa tshwarwa, bakeng sa maloko ohle a setjhaba ho kgetha ho sa natse moloko.


Ka 9 Motsheanong, Mandela o ile a kgethwa e le mopresidente wa naha wa Afrika Borwa. Ho bewa setulong ho bile letsatsi le hlahlamang Union Buildings Pretoria mme ho ne ho tlile baetapele ba bangata ba dinaha tsa matjhaba kgetlo la pele Afrika Borwa.


Nakong ya puo ya ho behwa ha hae, Mandela o ile a bitsa “nako ya ho fola” mme a hlalosa mmuso wa hae o keke wa dumella mofuta ofe kapa ofe wa nyenyefatso. Mandela o ile a tshepisa ho etsa setjhaba se tla tsamaya se sena tshabo Afrika Borwa.

Letsatsi le bohloko

Ka 1999 Mandela o ile a beya meja fatshe polotiking, empa o ile a tswela pele ho etsa phutuho bakeng sa bophelo le ditaba tse amanang le thuto. Bohloko ke hore Nelson Mandela o ile a hlokahala ka 5 Tshitwe a le dilemo 95. Afrika Borwa le lefatshe di ile tsa ila lefu la monna enwa ya lokileng. Le ha hole jwalo Nelson Mandela Foundation le Nelson Mandela Children’s funds di ntse di ntshetsa pele lefa la Mandela.

Translated by Sibongile Sonopo