Di Thibela ho Ruruha tsa Ditapole tsa Afrika

© Uwe Thobae

Ha di amane le ditapole tsa malapa, ditapole tse hlaha tsa Afrika (Hypoxis hemerocallidea) di amahanngwa le dikgahla ebile ke semela se thata haholo le sa komello se hlahelang Afrika Borwa. Se ntse se hola dibakeng tsa pula ya lehlabula Afrika Borwa le e nang le dipalesa tse bosehla bo kganyang tse bopehileng jwalo ka naledi tse nang le makgasi a moriri.

Dingaka tsa setso di se sebedisa e le moriana ho phekola delirium, 'madi a mabe' (a lefu la tswekere), PMS le jwaloka parasiticide. Mesebetsi e tlwaelehileng e kenyeletsa ho sebediswa ha mafura a tebileng ho pholletsa le matshwao a amanang le ramatiki, psoriasis le fibromyalgia.

E boetse e le molemo kgahlanong le maemo a letlalo a kang khanya, mahlakudi, ditlolo, ho cha, makgopo, diso tsa boroko, metwa, matshwao a otlolohileng, ho cheswa ke letsatsi, ho longwa ke dikokonyana le letlalo le omeletseng.

Sejo se mafolofolo, hypoxoside, se ntshwa methapong ya tuberous. E na le karolo e phahameng ya sterol le sterolin e ka nnang ya ena le thepa ya matla e matlafatsang le ya ho itshireletsa mafung. Ketsing e tsoana le cortisone e ka fokotsa tšenyo ea lisele le ho kokobetsa mesifa e opang. E boetse e sebetsa jwaloka ho thusa mmele ho itlhwekisa e matla e ka ba le phello e kgahlanong le botsofadi. Dikgopolo di boetse di kgothalletsa ditapole tsa Afrika hore di rue molemo kalafong ya HIV / AIDS, kankere ya tshwelesa ya senya le lefuba.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.Translated by Bongani Matabane