Bophelo ba Sethatong ba baTsonga

Bophelo ka Lapeng

©Dr Peter Magubane

Ho hlaha ha lesea ke thabo e kgolo setjhabeng sa Batsonga. Hangata basadi ba seng ba le baholo ba leloko, kapa basadi ba bang, ba thusa mmê wa moimana boemong ba hae ba ho qetela ba bokgatjhane le ho hlaheng ha lesea.

Masea a sa tswa hlaha a fuwa meriana mme ba kgabiswa ka dipalesa le masekana a difaha. Ka tlwaelo bommê ba anyesa bonyane dilemo tse pedi tsa pele tsa bophelo ba masea a bona. Hang ha bana ba se ba kgona ho tsamaya, mosebetsi wa ho ba hodisa o abelanwa ke mmê le baholwane ba batshehadi ba lesea.

©Dr Peter Magubane

Bana ba lebeletswe ho etsa mesebetsi ya ka lapeng ba sa le banyane. Baradi ba thusa bommê ba bona ka mesebetsi ya letsatsi le letsatsi, ho rwalla le ho kga metsi nokeng e haufinyane, molatswaneng kapa pompong,ba rwetse dinkgo dihloohong. Bashanyana ba seng ba le baholo ba disa dikgomo tsa lelapa, ha ba banyenyane bona ba disa dipodi.

Dikarolong tse ngata tsa Transvaal ya kgale boemo ba ho ba motho e moholo bo ne bo fihlelwa ka tsela ya lebollo. Bashanyana le banana ba ne ba bolotswa ka dihlopha tse arohaneng mme,hang ha ho se ho phethilwe mesebetsi e laetsweng, ba ne ba dumellwa ho kena lenyalong.

Translated by Maletsatsi Sejake