Bohlokwa ba Sebopeho sa Mobu

© Dr Eduard Hoffmann (Department of Soil Science, US)
Sebopeho sa mobu se na le kgahlamelo ho noneng ha mobu, mme se susumetsa ho teteana ha mobu hammoho le ho tiya le tshebetseho ya mobu-hore mobu o ka phetholwa ka bobebe bo bokae. Hodima moo, sebopeho sa mobu le letsopa le teng ho oona ke tsona dintho tsa bohlokwa tse supang hore ho na le moya o mokae mobung le bokgoni ba oona ba ho tshwarella metsi - ho bonolo hakae hore metsi a dule mobung nako e telele.

Sebopeho sa Mobu

©United States Department of Agriculture
Ha re bua ka sebopeho sa mobu, ho buuwa ka boholo ba makumane a mobu. Mohlala, makumane a lehlabathe a maholo haholo ho feta a letsopa. Makumane a lehlabathe, a qala boholong ba 0.05 ho ya ho 2.0 mm, a mobu o bobebe a pakeng tsa 0.002 le 0.05 mm ka bophara ha makumane a letsopa oona a le ka tlasa 0.002 mm ka boholo. Majwe ona a boholo bo fetang 2 mm mme ha a kenyelletswe ha ho buuwa ka sebopeho sa mobu.
Ha ho buuwa ka sebopeho, mefuta ya mobu e ka arolwa ka mekgahlelo e mene: lehlabathe, o bobebe, o nonneng le letsopa. Mokgahlelo wa mobu o ya ka bongata ba makumane a fapaneng a mobu.
Mobu o lehlabathe o na le sebopeho se hohlang athe letsopa lona le na le sebopeho se boreledi mme le na le makumane a manyenyane. Makumane a letsopa a a kgomarela mme a fana ka matla mobung, kahoo, mobu o nang le 20% ya letsopa o ka tshwana le mobu o letsopa o kgomarelang ebile o nepoloha.
Mobu wa ‘loam’ o bolela mobu o nang le lehlabathe,o bobebe le makumane a letsopa. Mohlala, mobu o lehlabathe-letsopa-loam, o na le 30% ya letsopa, 50% lehlabathe le 20% o bobebe.

Sebopeho sa Mobu se Bonwa Jwang

Ha o le masimong, ekga mobu ka letsoho mme o tswake hanyane ka metsi ho etsa polokwe. Ebang o sa kgone ho etsa polokwe, mobu oo o lehlabathe. Pikitla mobu pakeng tsa menwana ho utlwa hore o dithollo (lehlabathe), o boreledi kapa phofo (bobebe) kapa o hlama (letsopa) na.
Laboratori e ka hlahloba mobu bakeng sa sebopeho empa sehwai se ka sebedisa mokgwa wa ‘sausage’ ho hlahloba sebopeho sa mobu polasing ya hae. Bafuputsi ba Komishini ya Diphuputso tsa Metsi (South Africa’s Water Research Commission) ba bokeleditse teko ena e bonolo ho tseba sebopeho sa mobu:
Lehlabathe
Lehlabathe le na le mobu o letsopa o ka tlasa 10%. Ha o bopehe jwaloka ‘sausage’ empa, ho ya ka bongata ba letsopa, ho ka ba le polokwe e tsitsitseng.
Mobu wa lehlabathe o nang le ‘loam’
O na le mobu o letsopa wa 10-15%. Dithollo ke tsa boholo bo mahareng mme o kgona ho o tshasa pakeng tsa monwana o supang le o motona. O bopa ‘sausage’ e robehang ha bonolo.
Mobu wa ‘loam’ o nang le lehlabathe
O na le letsopa la 15 - 20%. O ka kgona ho bopa ‘sausage’ e tenya empa e kgaohang/robehang ebang e ka pepetwa.
Mobu wa ‘loam’ o nang le lehlabathe le letsopa
O na le letsopa la 20 - 35%. O kgona ho etsa ‘sausage’ e tsitsitseng empa e a robeha ha o bopa tlhaku ya U ka yona.
Mobu ‘loam’ o letsopa
O na le 27 - 40% ya letsopa. O bopa tlhaku ya U e tsitsitseng empa o a robeha ebang o bopa sedikadikwe ka oona.
Letsopa le lehlabathe
Ona o na le 35 - 50% ya letsopa. O na le makgabane a letsopa empa o a hwasha ha o pikitlwa. O a robeha ha ho boptjwa sedikadikwe ka oona.
Letsopa
O na le letsopa le fetang 50%. Mobu ona o bopa sedikadikwe se tsitsitseng ntle le ho petsoha ebile ha o hwashe.

Dimela le Sebopeho sa Mobu

©Dr David Lindbo (North Carolina State University)
Sebopeho sa mobu se bolela sekgahla seo metsi a fetang ka sona hara mobu mme qetellong, metsi a teng bakeng sa semela. Makumane a lehlabathe mobung a bebofatsa ho kenella ha metsi hammoho le ho kena ha moya mobung. Mobu o lehlabathe ke oona o nang le bokgoni bo fokolang ka ho fetisisa ba ho tshwarella metsi ho feta mobu o letsopa mme monontsha o ka tshelwa kgafetsa mobung o lehlabathe ho feta mobung o letsopa.
Ntho tse shweleng tse sebedisetswang ho putisa, le tsona di senyeha kapele mobung o lehlabathe le lengata hobane ho tla be ho kena moya o mongata ka lebaka la makumane a maholo a mobung-ho bola ha ntho tsena tse putisang ho hloka oxygen. Hodima moo, mobu o kenelang metsi habonolo o na le moya o mongata, mme hona ho etsa semela se be le metso e phetseng hantle.
Mobu o nang le letsopa le lengata o kgona ho boloka dimatlafatsi tse ngata le metsi hobane mobu o nang le makumane a manyane o na le sebaka se sengata sa tshebetso. Makumane a letsopa a na le kgohedi mme a kgona ho tshwarella dimatlafatsi tse tshwanang le ammonium (karolo ya nitrogen), potassium, calcium, magnesium le ditlamafatsi tse ding tse nyane.
Bokgoni ba mobu ho emela phetoho ya pH, bo bonahala ka bongata ba ntho tse shweleng tse putisang le bongata ba letsopa.
Mobu wa ‘loam’ ke oona o nkwang o le bohlokwa bakeng sa boholo ba dimela.

Ho Ntlafatsa Sebopeho sa Mobu

Ka bobedi mobu o lehlabathe le mobu o letsopa, e ka ntlafatswa ka ho tshela ntho tse putisang jwaloka manyolo, masalla a dimela, moitedi wa diphoofolo, mahlaku a kgale, masalla a dimela kapa difate tse faotsweng le makgapetla a meroho.

Translated by Maletsatsi Sejake