Blue Wildebeest

© Roger de la Harpe

Lebitso

Blue Wildebeest, Common kappa White-bearded Wildebeest (Connochaetes taurinus)

Tjhebahalo

Mmele wa yona o boputswa bo benyang bo tibileng, o nale mela e metsho e entseng mabanta karolong e kapele ya mmele wa yona. Phoofolo ena e kgetholoha ho tse ding ka moriri o mongata ka mora molala le ditedu molaleng le qoqothong. Tse tona le tse tshehadi bobedi di hola ka manaka a makgutswane a entse mothinya. Tse kgolo manaka a tsona a boima haholo. Poho e bekga boima ba 250 kg mme botelele ba yona ke1,5 mahetleng. Dikgomo di nyane ka bokgutswane papisong le poho ka bolelele ba 1.4 m mahetleng ka boima ba 180 kg.

Tswalo

Blue Wildebeest ke phoofolo e tswalang ka dinako tse itseng. E tswala namane e le nngwe ka nako, mme e etsahala hlabula ka mora hoima dikgwedi tse robong. Dinamane di ka matha le mohlape hang nakong ya metsotso e hlahile.

Boitshwaro

Nako ya ho falla sebakeng e ya ntlafatswa ho bebofatswa le tshebediso ya e lekaneng ya sebaka., le ho fokotsa tshebediso e sa hlokahaleng nakong ya komello le ya mongobo. Fela hona ke ho se tsotelle dinyamtsana mme se etsahala mehlapeng ka ho fapana ho tlowa ho leshome hoya ya diketeng ka bomong. Poho e boloka sebaka sa yona ha mohlape o dutse nako.

Moo di fumanehang

Kabo ya tsona tobile dikarolo tse ka botjhabela ho Afrika Borwa. Ha di bonwe dile kotsi empa di fumaneha dibakeng tse hlokolosi. E bile di ajwa dibakeng tse botjhabela ba Afrika Borwa. Bongata ba tsona di fokoditswe ka lebaka la ho kampelwa ka tshireletso, eleng ho thibelang ho falla ha tlhaho.

Dintlha tsa tshimo

Hona le mafuta e mehlano ya di Blue Wildebeest Afrika:
Connochaetes taurinus taurinus - blue wildebeest of bridled gnu
Connochaetes taurinus albojubatus - eastern white-bearded wildebeest
Connochaetes taurinus cooksoni - Cookson’s wildebeest
Connochaetes taurinus johnstoni - Nyassaland wildebeest
Connochaetes taurinus mearnsi - western white-bearded wildebeest

Wildebeest

Kgokong e tshwauwa ka moetse e metsho e melele le ditedu tsa moriri tse leketlileng mmetsong le molaleng. Bobedi ba tse tona le tse tshehadi...more