Albertina Sisulu: Bophelo ba qhoku

Nontsikelelo o hlahile

©Eric Miller

Ke ngwana wa Bonilizwe le Monikazi Thethiwe, o hlahile ka 21 October 1918, o hlahetse seterekeng sa Tsomo Transkei, Nontsikelelo Thethiwe o hlahile bobeding ba bana ba bahlano. Mme wa hae o ile a hlokahala ka mora hore a kule mme a hloke matla ke sefuba mme Nontsikelelo a lokela ho hlokomela bana babo.

Ha a le dilemo tse 11 ntate wa hae o ile a hlokahala ha ana le dilemo tsa 15 mme wa hae a hlokahala le yena, a lokela ho nka boikarabelo bo feletseng ba bana babo ba bararo.. O ile a itheha lebitso la Albertina ha a ya sekolong sa Xolobe. Ka nako eo a qetang sekolo se tlaase o ne a le moholo ho feta bana ba bnag ka dilemo tse pedi ka lebaka la ho lofa haholo.

Ntle le sena, o ne a ipabola ka setso le dipapadi mme o ile a kgethwa e le moetapele wa morwetsana. Nako eo dilemo tsa hae di ile tsa se mo sebeletse ke ha a ne a hanelwa ditlhapiso tsa sekolo sa dilemo tse nne sekolong se phahameng, le ha a ne a tswile nomorong ya pele ho hlola.

Mesuwe ya Albertina e ne e utlwilw bohloko haholo mme ba ngolla korwanta ya selehae ya SeXhosa, Imvo Zabantsundu, ka tshepo ya hore ba tla etsa nyewe e tiileng hore a fumane moputso wa hae. Ditaba tsena di ile tsa etsa hore moprista wa kereke ya Roman Catholi Mission a tsepamise maikulo ho yona mme a buwa le father Bernard Huss wa Mariazell College.

Ka hoo Albertina o ile a fuwa monyela wa ho lo ithuta sekolong sa Maroazell mme motse ohle wa keteka. Maemo a naha a ne a sa dumelle hore bana bohle ba fumane monyetla wa thuto. Abuti wa hae a moholo o ne a saya sekolong. O ile a lokela ho setoko sa bophelo mme a fepe leloko.

Ho sebetsa jwalo ka nese

Qetellong ya sekolo se phahameng Albertina o ile a tobana le qeto ya seo a lokelang ho se etsa ka morao. Toro ya hae e ne e le bo ba musuwe, emap maemo ha a ka a mo dumella. O ile a fetohela ho bokhatolike ha a le Mariazelle, mme a lokela ho se kene lenyalong, o ile a nka qeto ya se nyalwe.

Ka tlasa keletso ya father Huss, o ile a elellwa hore ho kgetha ho se nyalwe ho tlaba thata ho yena ho tshehetsa leloko labo. Ho ba mokhatholike a sa nyalweng ha o kgole mme ha ba phele poso ya dimishini tsa bona. E leng se bolelnag hore Albertina a keke a kgona ho thusa leloko labo ka tjhelete kapa ba mmone ha ba mohloka. Ka hoo o ile a kgetha hoba nese.

Ka tjhelete eo a neng a fumana ya kwetliso ya bonese o ene a hlokomela bana babo, a ba isa sekolong. O ile a qala kwetliso ya hae Johannesburg Genera Hospital ka 1941 mme a qala ho ba nese e pepisang ka 1946. Ha ngata ne a etela batswadi makeisheneng, a nkile disebediswa tsa hae ka hara sutukheisi hloohong. Albertina o kopane le eo e tlaba molekane wa hae Walter Sesulu, ha a ntse a sebetsa jwalo ka nese.

Jwalo ka leloko la African National Congress (ANC) e mong wa baeletsi ba Nelson Mandela qalong, Walter o ne a kene ka ho teba dipolotiking mme ka pele Albertina o ile a hulelwa le yena polotiking. O ile a ya hoo a ileng a ba sesebediswa sa ho sitisa mmuso a kgahollo, dula a kentse hlooho ka dilemo lemo tlhekefetsong ya mmuso, ho tshwarwa le mathata. O ile a tsejwa jwalo ka ‘mme wa setjhaba’.

Difolakga di fofela fatshe

Albertina Sesulu o ile fihlella qetellong ya bophelo ba hae ka di 02 June 2011 a ena le dilemo tse 92. O ne a le lapeng ha hae Linden, Johannesburg a shebile TV le setloholo sa hae ha a kula.

Ba thuso ya pele ba ile ba potlakela sebakeng, empa ha ba kgona ho mo hlasimolla. Moprsidente wa nako eo, Jacob Zuma o ile a etela leloko ho bontsha hlompho. O ile a phatlalatsa hore o tla patwa ka bopresidente mme difolakga di tla fofela fatshe ho tlowa ka 04 June 2011 ho fihlela a patwa Albertina o siya bana, Max, Mlungisi, Zwelakhe, Lindiwe le Nonkululeko mmoho le ditloholo tse 26 le dikokomane tse 3.

Translated by Sibongile Sonopo