Cape Hare

© Nigel J Dennis

Lebitso

Cape, Common kapa Brown Hare, Hona le dibaka tse fapaneng tse leshome le metso e mmedi tse tsa Cape Hare tse fumanehang ho ralla le Afrika. (Lepus capensis)

Tjhebahalo

Tse tshehadi di kgolwanyane ho tse tona. Boima ba tsona bo tsamaya pakeng tsa di kilogram tse 1.5 - 2.5. Boya ba yona bo sootho bo boputswa. E nale ditsebe tse kgolo le mohatla o phatswa. Cape Hare e bonahala ka bonyane ba yona ka hara mofero le karolo e tshweu ka tlase e siyo mmeleng wa yona.

Tswalo

Cape Hare Ha e tswale ka nako e itseng ya selemo feela, e tswala nako e nngwe le e nngwe selemong, le ha hole jwale pelehi ya yona e rata ho kgetha nakong ya pula. E tswala ngwana a le mong ho isa ho ba bararo ka mora nyalano ya matsatsi a 42. Madinyane a tletse boya mme a bekga boima di gram tse 100 ha di tswalwa. Mahlo a kgona ho buleha hang hang ka mora tswalo, mme di kgona le ho utlwa ditsebeng ho tsamaela haufi dihoreng tse 48 ka mora tswalo. Madinyane a nyantshwa ke mma tsona bosiu bo bong le bo bong bakeng sa metsotso e leshome. Ho nyantsha ho nka dibeke tse tharo feela. Ha hona sehlaha bakeng sa madinyane.

Boitshwaro

Cape Hare e rata bo mong, empa nakong eo e palesitseng e dula e salwa morao ke tse tona tse fapaneng nakonyaneng eo. E rata sebaka se omeletseng. E etsahala nakong e kgutswane, mme lepatlelo le bulehileng la jwang le ya hlokahala bakeng sa kabo mefuta futa.

Moo di fumanehang teng

Cape Hare di ikabile, mme di ikabile haholo mabatoweng a ommeng a Afrika Borwa, Mmoho le Botswana le dikarolong tse bohareng tsa Namibia.