Bat-eared Fox

© Nigel J Dennis

Lebitso

Bat-eared Fox (Otocyon megalotis)

Tjhebahalo

E nale letlalo le bo yabo boreledi bo mma o moputswa bo phatsimang, mohatla qopediditsweng botsho ka mela e metsho ka mokokotlong. Tshobotsi e bonahalang haholo ke ditsebe tsa yona tse qatsohileng, tse tshweu karolong e kahare le e ntsho karong e kantle. Molomo o motsu, o molelele o motsho ka hodimo o mosweu ka fatshe. Popo ena e nang le monko e bolelele ba dimilimitara tse 300 mahetleng le bolelele ba yon aba dimilimitara tse 800. Boima ba yona ke dikilogram tse 3-5.

Dijo

Di nale meno e manyane a e tlang ho ja dikokonyana, ditweba tse nyane le ditholwana. Dijo tse jowang haholo ke bohlwa. Di fula ka sehlopha.

Tswalo

E tswala madinayane a 2-5, ka mora boimana ba matsatsi a 60. Madinyane a hlaha ho tlowa qetellong ya kgwedi ya Mphalane ho isa qalong ya Pherekgong. Di ikemela ha dina le beke tse 10. Di hola thobalanong le ho kgona ho tswala ha di na le dilemo tse 2.

Boitshwaro

Di Bat-earned Fox e tsebahala ka ho ba mafolofolo bosiu, e robala motsheare mekoting. Ha dile nyane di katwa ke tse tona moo di patilweng, ha tse tshehadi di lo batla dijo. Di rata jwang bo bokgutswane ka dihlahlana tse bulehileng bakeng sa ho bona dira ha di hlasela, le dijo tse seng di lokile. Ha di baleha dira di ipata hodimo kapa ha ho kgoneha di itshira ditshireletsong tse hodimo tsa jwang morung.

Moo di fumanehang

Di ngata borwa le Bophirima ba Afrika. E leng dibakeng tse omeletseng le tse sa omellang haholo. Ha jwale di se di le teng Cape Peninsula le pelanyana ho Cape Agulhas. Kantle ho tlhekefetso ya dihwai, di ntse di le ngata.

Dintlha tsa tshimo

E nngwe ya dintho tse ntle ka Bat-eared Fox ke tsela eo e tsamayang ka yona,ka ditseba tsa yona dile haufi le lefatshe ha e ja. Di ya ema fela ka tshohanyetso mme di mamele ka hloko, di tsamye kapa di tswele pele tjheka ka ho kwata. Ditsebe tsa yona di kgona ho utlwa motsamawo wa dikokonyana fatshe.