Sekgobo sa Setjhaba ka HIV/AIDS

© Eric Miller
Alicia Mdaka, serethe sa tshehetso ya bophelo bohle ba hae ke leloko la hae, o arolelana bohloko le tlhonamo ya hae ya ho lahlehelwa ke bana le ditloholo ke HIV/AIDS, le lelapa la hae e rehilweng ‘ntlo ya Aids’.

Ntlo ya Aids

Ka 1964 ke ile ka ba le ngwana ya bitswang Olive. Ka 1966 e mong hape a hlaha, Phyllis, eo ha jwale a nang le dilemo tse 15 mme o nale HIV/AIDS. Kenneth o hlahile ka 1969 le Prudence ya hlokahetseng ke Aids jwalo ka Olive, ya hlahileng dilemo tse pedi ka morao.

Setloholo saka Zizipho, o hlahile a ena le kokwanahloko hobane mmae Prudence o hlokahetse a ena le yona. Bahaisane baka ba ne ba ne ba bitsa lelapa laka ‘ntlo ya AIDS” moo ke sa utlweng. Setloholo saka Julietta o ile a ba utlwa ba buwa mme a mpolella. Bahaisane baka ba ne ba re ho ditloholo tsaka ‘Ha re batle le bapale le bana ba rona. Habo lona ho nale Aids e ngata, mme le tla tshwaetsa bana ba rona’.

Ke ka nako eo batho ba neng ba sa tsebe ka Aids, mme batho bohle ba ne ba e tshaba. Ha jwale, dintho di fapane. Bohle re tseba batho ba hlokahetseng ke Aids, haholo malokong a rona. Matsatsing ana ha wa leloko laka a kula , le ha ekaba ke Aids, bo mme ba kereke ba ya tla ho nhlwela, ba tlisa dijo le sopho, mme ba buwe le nna ka taba ena. Ha hona bodutu bo tshwanang le pele. Ha jwale ke fumana tshehetso.

Dilemo tse 15, moradi waka Phyllis a lwantshana le Aids ena. nako e telele o ne a le manganga ho sethetefatsi sa lefu la lefuba, empa o ne a ena le mofetshe wa mala le sebete. Dikgwedinyana tse fetileng ke ha a mpolella hore ha a sana nako e telele lefatsheng. E ile ya nkenya bohloko hape.

Translated by Sebongile Sonopo