Oli ya Lehapu la Kalahari - e Phahameng ka Protheine

© SANBI

Oli ya lehapu la Kalahari kapa Citrullus lanatus e boetse e tsejwa e le oli ya peo ya lehapu. Mabitso a mang bakeng sa tholwana ena ya naha ya Afrika e ka Borwa ke karkoer, mankataan, tshamma, ootanga kapa lehapu le hlaha. Sehlopha sa mahapu, lehapu la Kalahari e fumaneha sebakeng se omileng sa Kalahari Afrika e ka Borwa. Tholwana ena e sebediswa ke batho ba San (Barwa) e le mohlodi wa metsi, hammoho le setlotsi sa mmele le se sireletsang letsatsing mme e jewa ke diphoofolo tsa hae le tse tsongwang. Jwaloka mohloli wa dijo tsa motho, peo ena e na le diprotheine tse ngata (35%) mme e hadikilwe kapa e jewa, e theoha, e le papa.

Tholwana ena e chitja (dimela tse hlaha) kapa e motopo (di lengwa) mme e na le mmala o motala o nang le mela e botala bo lefifi. Peo e hlahisa oli e ntle e bosehla, e sebediswang ka ditlolo, ho kgothaletsa ho hola ha moriri le ho kenya letsoho sesepa ha peo e behilweng e sebediswa e le exfoliant. Oli ya peo ya lehapu la Kalahari e na le ditekanyo tse tshwanang le tsa omega-6 essential fatty acid (68%) ho fihlela ho evening primrose (72%), ho netefatsa thepa ya di anti-inflammatory, ho tsosolosa letlalo le ho lwantsha letlalo le maswebe. Ke oli e ntle ya lesea mme e ka sebediswa e le oli ya ho kopantshwa le tse ding. Oli e ntshwa ka ho pshatla peo ka mora ho e omisa. Semela sa sehahabi se nang le dipalesa tse tshehla se hola hantle ka mobu o fokolang, mobu o tletseng lehlabathe ebile ho na le komello e thata ebile e ka ba ya bohlokwa jwaloka semela sa di intercrop se fanang ka sekwahelo sa mobu ho fokotsa kgoholeho ya metsi le ho lahlehelwa ke metsi.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.Translated by Bongani Matabane