Khahla ya peineapole e makatsang ka tjhebahalo, ke semela se bonahalang jwalo ka khanya ya tleloupu se bontshang palesa e tala ya peinapole. Ke letswallwa la Afrika Borwa, ke palesa e tshehla bo bota nang le metsu e melelele sehlahla se setala le makala ka hodimo. Eucomis autumnalis e bitswa hape krulkoppies (Afrikaans), ubuhlungu becanti (isiZulu). Eucimis ka se Kgerike ke eukomos ‘moriri o motle’, ha autumnalis e lebisa ho palesa le tholwana e behang ka nako e itseng ya selemo.
Le ha kganya e ena le tjhefu, dingaka tsasetso di e sebedisi ka hara metsi le lebese e le sepeiti bakeng sa ho fokotsa ho opelwa ke mokokotlo, mala, letswejane le ho tlallana. E ka thusa le ho ntsha setlamatlama, e laola mokaola, lefuba le ho thusa ho pepeisa. Metswako (ditatso) e fumanwang kgahleng ya peinapolese nale sethetefatsi le sethibela ho ruruha le dikokwana.
Diphuphutso tse entsweng ke Yunivesiti ya Natal e fumana hore makgasi a sejalo se senyeyane le tleloupu mmoho le metso di tlosa semela sa kgale tse bontshang se thibela ketsahalo ya ho ruruha. Ka maemo a bontshang a phahama ho ya qetellong sehla sa kgolo. Sena se tswela pele ho netefatsa tshebediso makgasi le tleloupu ya kgahla ya peinapole e le ho laola lefuba le ho opelwa ho amanang le lefu la ho ruruha.
Ha re eketsa, E autumnalis ke moriana o tsebahalang haholo o sebediswang bakeng sa maqeba a ho sehwa le ho laola lefu la masapo Afrika Borwa.
Tleloupu ya kgahla ya peinapole ke moriana o tsebahalang haholo o sebediswang ke dingaka tsa setso le ho kotula ka bongata mme ho beile semela ka tlasa tshabo ya tshebediso e mpe le tahlehelo. Dithuto di bontsha ha boholo ba tleloupu e rekiswa bakeng sa meriana e theohile haholo dipakeng tsa 1995 le 2001. Sena ho ne ho dumelwa hore ke sesupo sa tshebediso e mpe.
Ho nale mefuta e leshome Afrika e ka Borwa e fumanwang haholo merung ya montage, mabopong a noka le mahwatateng a Kapa Botjhabela ho mafatsheng a hodimo Zimbabwe. Ho tlatsatlatsa ka bongata (ha tleloupu e ikatisa) ka mokgwa wa peo kapa ho kgaola. Ke semela se bonahalang sa tshimo, khahla ya peinapole hangata e jalwa en masse majweng moo e ka mamellang mobu o futsanehileng le dipula tsa mariha, empa e hola hantle mobung o kwenneng.
Translated by Sebongile Sonopo