Ketelo Robben Island

©David Fleminger
Ke ile ka etela Robben Isalnd pele ka 1989, e le karolo ya leeto la sekolo e ikgethand. Tjhankana e ne e santse e sbetsa nakong eo, mme seo ke se hoplang ene e le lefifi le sebaka seswabisang moo monko wa ho hloka tshepo leng moholo moyeng o leswai. Ha jwale, e fetoletswe ho ba sebaka sa kgohedi ya bahahlaudi, mme batshwarura ba nkileng matla a tshireletso.

Ho ya ka seke thata se tsofetseng se neng se senbediswa ho tsamaya hanyane ka hodimo ho lawatle hoya koung se se nketswe sebaka ke sekepe se setjha, se boreledi, se lebelo ebile se palamisa bahahlaodi ba bangata mme hape se photholohile. Sekepe se ikganna ka bosona ka tsela e makatsang ka tjabahalo e nkang moya e e fuwang ke dithaba le toropo e tlaase ho bonamelo ba yona. Ha o se o le sehlekehlekeng, motho e mong o a theoha ho lo kalama dibese e le nngwe kapa tse pedi tse emeng.

Jwalo ka motjhini wa oli, dibese di tla lenka ho ya leetong le sesimosang ho potoloha sehlekehleke moo motsamaisi a tla supa tse ding tsa dibaka tsebahalang, ho kenyelletsa le kwari eo Mandela le batshwaruwammoho le yana ba neng ba sebediswa jwalo ka makgoba matsatsi tsatsi. E ne ele mona, ka hare ho kharavene e nyane e entseng setshwantsho sa lekgowa ka lejwe, moo batshwaruwa ba jella dijo tsa bona tsa motsheare, mme ba shebisana ka moo Afrika Borwa ya demokrasi e tlang hoba ka teng. Ha ba bang e sale ba tshwantsha Robben Island le phaposi e lefifi ya borutelo.

Ka nako e itseng o tla theoha seekepe se kgutlang leetong ho ya hae, mme o tla sheba ka kutlwelo bohloko ya kganyetso ha bese e tletseng eo batshwaruwa ba baithaopi ba qala leeto ho ya hekeng ya Robben Island. Ho shebella dipenguin. Ha re kgutlela tjhankaneng e kgolo, ke ne ke thabetse ho theoha beseng mme ke kene diseleng. Ketelo e nngwe le e nngwe karolong ena ya leeto, ke ya batshwaruwa ba nako e fitileng mmoho le pokello ya bophelo ba mmuso wa kgale ke dipompong tse babang.

Ha re dutse ka ho e nngwe ya disele tsa kopanelo motsamaisi wa rona o ile a re etsetsa ho hong ho utlwisang bo hloko ka bophelo boo a bo tsebang ka Robben Island. Kamorao ho sele ya kopanelo re ile ra ya lebaleng moo Mandela aneng e na le tshingwana ya hae. Mme ha tla kgohelo e kgolo, moo e leng disele tsa motho ka mong moo Mandela le batshwaruwa mmoho le yena ba Revonia Trial ba neng ba bolokuwe teng.

Ditshwantsho tse lerotho di ya latela kamora moo, mme ke nako ya ho ipotsa dipotso ka ntlwaneng pele le tswa ho ya sekepeng. Ha o kgutlela morao koung, o tla tsamaya ho feta boto e tsheheditsweng ho sheba dipenguin, kapa o ka o ka sheba mabenkele dimpho lehlakoreng la kou. Ka nako e ballwetsweng, o tla palama botong leetong lekgutlelang lapeng, o sheba dipengiun.

V & A Waterfront

©David Fleminger
Jwalo ka mohahlaodi, leeto la hao ho ya Robben Island le qala Victoria and Alfred Waterfont. Ke kou e ya kgebo e sephetephete, ka mabenkele a mangata, mabenekele a dijo, moo shebellang difilimi le Majeremane. Phithiselo ya sebaka se seholo se rarahaneng, ho tswa tasong, o ka qeta dihora tse seng kae sheba mabenkele pele kapa kamora leeto la sehlekehleke.

Sethatong e ne ele feme ya jarete ya boema-kepe le kou bakeng sa toropo ya Cape Town, ka bo 19 sentjhuring Waterfront e ile ya boemong boo e sa sebetseng kamorao hore boema-kepe bo hauwe ka pele ho mabopo a mose ka disentjhuri tsa bo 20. Ka 1988 dipolokelo tse bolang tse ileng tsa ahwa botjha ho etsa Waterfront e ntjha e phatsimang eo re e thabelang ha jwale. Ka koketso ya mabenkele a ho reka, e bitswang Victoria Wharf, mabenkele a tletse ho ya le Victoria Basin, e fanang kang ka tjhebeho e ntle ya kou. Ho tsamaya ka dikepe le difofane ho wa fumaneha, empa ha se yang Robben Island.

Tsela ya Nelson Mandela ya heke

©Roger de la Harpe
Etsa tsela ya hao ya Nelson Mandela Gateway, moo tla fumana sekepe sa Robben Island. Gateway le borokgo d idula molomung o teteyaneng Alfred Basin, moo o tla fumana dihotele tsa maemo tse seng kae le diketswana tsa lebelo, di paqama letsatsing. Tjhebahalo ya Table Mountain ho tswa Alfred Basin e ntle haholo. Gateway hape e eme ka thoko ho tora ya watjhe, tafole e bokgubedu bo kganyang, ka bobedi di nale letshwao la poso le hlakile ho ralla le waterfront.

Ha o emeisa dipaking tse kgolo tse haufi le mabenkele, hopola hore o tlaba le tsela e telele ho ya Gateway. Empa o tlaba hape le thabo ya ho tshela borokgo bo tshopodi, e nkang tsela e moqothetsane e dipakeng tsa Alfred Basin le lewatle. Sebeka se loketseng ho paka, moo, ke toreng ya watjhe e dutseng lehlakoreng la mabenkele a Waterfront. Sebaka sena sa ho paka se batla sele tshopodi ho fumaneha,e fumaneha ha bonolo ha o potoloha haufi le toropo, empa e tla o tlisa hantle moahong wa Gateway.

Tora ya watjhe e fana ka ditasene tsa mabenkele le mabenkele a dijo toktlong ya yona, mme e nale lesedi le lengata bakeng sa bahahlaodu moahong o ka hodimo ka baemedi ho tswa naheng kabophara. Ke mohlodi o motle wa lesedi la Cape Town, Western Cape le Afrika Borwa ka bophara. Senthara ya lesedi e nale internet cafe mme o ka ngodisa ditekete tsa hao tafoleng ya bahahlaudi ya Robben Island.

Translated by Sibongile Sonopo