Kakaretso ka Parsley

© Louise Brodie

Lebitso la saense: Umbelliferae
Lebitso le tlwaelehileng: Parsley

Parsley e hlaha South Europe le North Afrika. Kajeno e jalwa lefatshe lohle bakeng sa boforeshe le makala a ommeng. Ho nale mefuta e mmedi ya parsley, makgasi a ikharetseng (Crispum) eo e leng semela se matla, le lekgasi le polata la India (Neapolitanum).

Tlhaloso ya Semela

Parsley ke semela se seholo se hlahisang makgasi a nkgang monate, tiileng le a latswehang selemong sa pele mme ha e dumellwa ho hola selemong sa bobedi e tlaya peong. E nale metso e tiileng e latswehang ha e kotulwa selemong sa bobedi kamora hore peo e kotulwe. Muru wa parsley o hola ho fihla ho 40 cm ka bolelele mme e hlahisa dikutu tse tiileng e nang le sehlahla sa makgasi hodimo.

Kgetla e kang makgasi se setala sa makgasi a Italy a polata a parsley a bonolo abile a masesane a ratwa ke diphehi tse ngata. Makgasi aikharileng a parsley a thatanyana empa ka ho lekana a ya latsweha mme a ka sebediswa ho kgabisa dijana e le ho di pepesa hobane a shebahala a le foreshe nako e telele.

Bahlahisi ba bangata ba tla hodisa parsley selemo le selemo.

Tshebediso

Parsley e jalwa bakeng sa monko wa makgasi a yona o monate, a sebediswang a le foreshe kapa a omme dijong e le tatso kapa e jewa e le tala disalateng.
Parsley e tsebahala ka hoba le vitamin C e hodimo.

Tlhokeho le Tukiso ya Mobu

Parsley sebetsa hantle mobung wa lehlabathe le ommeng ho isa mobung wa letsopa o nang le tlhaho e hodimo. E hola hantle mobung o nang le pH ya 6 ho isa 7.
Haho lokisetswa mobu sebakeng sa semela ho bohlokwa ho kenya manyolo a tlhaho kapa mobu o bodileng. Sena se lokela ho jalwa kgweding pele ho jalwa ho fa ditlama nako ya phomola le ho fa lehola monyetla wa ho mela. Mobu o lokela ho harakwa beke pele ho jalwa ho tlosa lehola hape le etsa sebaka sa ho jala se be boreledi. Ha bobebe pele ho jalwa manyolo le dielemente letsatsi kapa a mabedi pele ho jalwa parsley.

Maemo a Lehodimo

Parsley e hola maemong a sebele a lehodimo a pakeng tsa 14 le 26°C. E hloka maemo a lehodimo ho lengwa ka 15 to 20°C. Semela se tshaba leqhwa.

Balemi

Bakeng sa tlhahiso ya thekiso dimela tsa diparsley ke tse latelang: Banquet, Champion, Evergreen, Italian curled, Italian Flat, Moss, Pagoda le Triple Curl.
Ho bohlokwa ho batla keletso e selehae kwetlisong ya ho hodisa ho tswa kgampaneng ya seriting sa peo, molemo o fapaneng bakeng sa maemo le thekiso eo o e tobileng.
Ho molemo ho tseba mmaraka wa parsley pele ho tlhahiso.

Translated by Sebongile Sonopo