Hedgehog

© Roger de la Harpe

Lebitso

Hedgehog (Atelerix frontalis)

Tjhebahalo

Di Hedgehog di nyane di ja dikokonyana, di qollwa ka sefahleho sa tsona se motsu le bokgutswana, le mokokotlo o hlabang le ka mahlakoreng mme e sebetsa ele seitshireletso direng tsa yona. Bolelele ba hloho le mmele ke dimilimitara tse 200 ka mohatla wa dimilimitara tse 20.

Dijo

Di Hedgehog di ja dikokonyana tse kang bo maleshoane, ditsie le diboko. Di ja le ditweba, mahe dinonyana, mokgodutswane le dinqanqane. Di ja le ditholwana, dibodu ka nako e itseng. Ha di ya tshepela ho nweng metsi.

Tswalo

Nako ya ho tswala ke Pudungwana ho ya Mmesa. Madinyane a tsona ha a fumanehe haholo mekoting le sehlaheng di duladula. Ka boimana ba di beke tse 5-6, madinyane a 1-9. Madinyane ha ana moriri, ke difofu mme ditsebe tsa teng di kwalehile.
Letlalo la yona le molemo, mokokotlo o metsu e sentse e bonahala. Mmala wa lesapo la mokokotlo o hlaha ka mora letsatsi, lesapo la mokokotlo wa ledinyane o kenywa o tiileng ka mora ka dikgwedi tse 4-6 ka mora hore e hlahe. Di ikemela kamora dikgwedi tse 5.

Boitshwaro

Di Hedgehogs ka kakaretso di mafolofolo bosiu ebile di rata bo mong.

Bodulo

Di Hedgehog di rata sebaka se nang le jwang se bulehileng le dinaha tse nang le patsi. Di rata le dibaka tse fapaneng empa ha di rate dibaka tse nang le mongobo.