Verreaux's Eagle Owl
Makgohlo

© Shem Compion
Giant Eagle Owl.

Lebitso

Makgohlo

Tjhadimeho

Makgohlo ona ke sephooko se seholo lefatsheng. O le sephooko se ssholo lefatsheng, e tsejwa ka sebopeho sa teng se seholo le mapheo a teng a malelele. O boputswa ka mmala, ka botsho ka hodimo le ka tlase e feela ha ho matheba. Sefahleho se a reteha, ka botsho ntshing, mahlo a shebeha a le matsho ha o le hole empa a na la kobaleihlo le itkgethileng le pinki, sena se etsa hore a bonahale. O batlile ho tshwana le sephooko se tsebe di lelele. Makgohlo o sootho o retehang ka tlase le mereto e sootho le boputswa. Hlooho e boputswa ka molomo o moholo o matla le mahlo a masehle ka masibana a tswang ditsebeng ho ya mahlong. O na le maoto a maholo a matla le dinala.

Dijo

E atisa ho j dinonyana tse hlaha jwalo ka kgapa le dinyantshi tse nyane haholoholo mofudi. Di bonwa haholo mesong kapa phirimane ka ntle le sebopeho sa ona e tsejwa ka kobaleihlo tsa yona tse ka hodimo tse pinki. O atisa ho ja dijo tse fapaneng ho ile hwa bonwa e bolaya nyantshi e lekanang le kgabo le mmamolangwane, empa e atisa ho ja tlhong ha di le teng.

Tswalo

O tla tswala kgwedi ya Hlakola ho isa ho Loetse, mahe a mabedi a nehwa ebile batswadi ka bobedi ba tla phuama ho fihlela matsatsi a 39.

Boitshwaro

O fumanwa e le nngwe kapa ka bobedi haholoholo bokone ba KwaZulu-Natal. O ka bonwa o dutse sefateng haufi le kgamolong le metsing. Sello sa ona ekare phala “hryu hryu hooo” Ha se hangata o ka tsomang motshehare empa e dula difateng tse kgolo, haholo moriting.

Lehae

Merung, masabasabaneng le metsing moo ho nang le difate.

O fumanwa kae

O umanwa Botswana, Zimbabwe, Namibia, Mozabique le bokone ba Aforikaborwa.