African Weasel

© Nigel J Dennis

Lebitso

African weasel (Poecilogale albinucha)

Tjhebahalo

Hloho ya yona le mmele di bolelele ba dimimimitara tse 175. African Weasel e boima ba digrate tse 250-350. Di nale mmele o mosesane o molelele le maoto a makgutswane le mela e bonahalang e metsho le e mesweu ka mokokotlong. Bo kahodimo ka hloho le mohatla di tshweu.

Dijo

Eja di tweba le dinonyana fatshe, dikokonyana di jewa ka nako e itseng. E tsoma ka ho otla ka mora molala ha e ntse e laola phofu ka ho tsetsepela ka maoto a ka pele, e pitikisa ka lehlakore ho etsa hore e lahlehelwe ke taolo. Ka nako eo phofu e hulelwa morao ha, ho nkuwa maoto a ka kamorao ho kobelwa mmeleng ho e roba mokokotlo.

Tswalo

African Weasel e tswala ledinyane le 1 ka nako ya selemo, e tswala le dinyane le 1-3. Tobalano e etsahala nakong ya hlabula le selemo. Tse tshehadi di emara matsatsi a 32. Ledinyane le funama meno ka mora matsatsi a 35, mahlo a buleha ka mora matsatsi a 52. Ledinyane le hola dibekeng tse 20, mme di ka bolaya phufu ha ele 13 weeks.

Boitswaro

African Weasel di dula ka lelapa le lenyane ka dihlopha tse pedi ka nako ya thobalano, le ha di hodisa masea, empa ka kakaretso di phela bo mong.

Bodulo

Bodulo bo nepahetseng ke morung moo ho nang le pula e fihlelang ho dimilimitara tse 700 ka selemo, le bakeng tseo ho nang le ditweba tse ngata. Ka kakaretso ke di ntse difela dibakeng tse itseng ka baka la bodulo.

Moo di fumanehang

Di fumaneha ho ralla le dikarolo tse bophirima ba Afrika Borwa, le borwa bohareng Afrika e etsahala borwa Bophirima ba lebopo la noka lebatoweng le borwa KwaZulu-Natal, Mpumalanga, Gauteng le profinsi ya Borwa.