Pipefish

© Johan Boshoff

Lebitso le tlwaelehileng la leloko

Pipefish

Lebitso la saense

Syngnathinae

Boholo

Ho fihlela 60 cm, bonyane 12 cm.

Boitsebiso

Mmele o molelele, o mosesane, o kang wa noha ka sefene se se lelele le molomu wa theminale. Lepheo le 1 la hodimo. Lepheo la mohatla le lenyane le sedikwadikwe. Tatellanno ya madiboho a masatswana a apesitseng mmele. Mebala e fapana haholo. Mefuta e meng e mebala e metle jwalo ka mabanta a makgubedu, tshehla le lamunu.

Tsebo ka Kakaretso

Ke seka leloko le nang le dihlopha tse 23 le mefuta e 120. Ke leloko la seahorse. Lepheo le hodimo le sebdiswa ho etsa motsamao. Di sebedisa mokgwa wa ho nyanya ho fumanaphofu. Tse tona di nale sepatjhe se ikgethang seo di hodisetsang bana ka hara sona kappa karolo e bonolo e moo e behelang mahe teng, mme a bolokwa ho fihlela a qhotswa. A mang a felletse ka ho phethahala ha tse ding di ya boemong ba larvae.

Dijo

Di ja diphoofotsana tse nyane.

Kabo

Di fumaneha maemong ohle a lehodimo le mawatleng a tropiki lefatsheng.

Mefuta e Tlwaelehileng

Black-breasted pipefish (Corythoichthys nigripectus)
Cleaner pipefish (Doryrhamphus janssi)
Ornate ghost pipefish (Solenostomus paradoxus)