Vredefort Mehleng ya Tshebediso ya Lejwe

© David Fleminger

Hamorao ha Mehlenga ya Tshebediso ya Lejwe

Sebaka se tummeng sa Cradle of Humankind sa Lefa la Bohlokwa Lefatsheng le bohole ba dikhilomithara tse 100 ka leboya ho Vredefort, ho ka bolelwa hore batho ba bile teng sebakeng sa Dome ka nako e telele, mohlomong esita le dimilione tsa dilemo. Ho fihlela jwale, ha ho na mesaletsa ya kgale ya hominid e fumanweng sebakeng sa Vredefort.
Tshebedisano ya rona ya mefuta e tobileng le Dome e ka fumanwa feela Hamorao ha Mehleng ya tshebediso ya Lejwe (hamorao pakeng tsa dilemo tse 25 000 le 20 000 tse fetileng). Bopaki ba sebaka sena sa bodulo bo fokotsehile haholo, kaha sebaka seo ha sea thabiswa ke dipalo tse ngata tsa ho epollwa ha dintho tsa kgale. Leha ho le jwalo, dikopano tsa disebediswa tsa majwe di fumanwe mabopong a Vaal, haufi le borokgo ba Schoemansdrift, le polasing ya Parson's Rus. Disebediswa di kenyeletsa mahare, dilepe tsa matsoho, diphola le dithulusi tsa ho tswepola. Lehaha le polasing ya Buffelskloof leyona e na le bopaki ba bodulo ba batho, mme e ka nna yaba e sebedisitswe hantle ho ya mehleng ya tshepe. Dibaka tse ngata tsa meBushman rock art li se li fumanehile.

Translated by Bongani Matabane