Veine ya Morara e Butswa Neng?

© Louise Brodie
Ho lekanya ho butswa veining ya morara, ka bobedi menokotshwai le dihlahla di etswa teko ho lekanya tekanyo ya ho butswa ka tsela e latelang:
Maemo a tswekere
Esiti
Mmala
Tatso
pH
Ha menokotshwai le dihlahla di thonatjwa bakeng sa teko, e lokelwa ho hlokomelwa e seng ho nkuwa ho tswa ho letheba le le leng tshimong jwalo ka karolo ya tshomo ya difate e keke ya ba kemedi ya karolo yohle. Ho nkuwa hotswa dikarolong tse fapaneng tsa tshimo ya difate, ho tswa kantle mmho le ka hare ho mela, letsatsing le moriting wa dikarolo tsa sefate.
Ho kgethwa ha dihlahal ho etswa hang ka mora hore dihlahla di qale ho etse mmala, ha menokotshwai e qala ho ba bonolo, eba ka mora beke le ka mora matsatsi a mabedi ho fihlella nako ya kotulo. Disampole tsena di iswa laboratoring. Mona, menokotshwai e ya silwa, e tswakwe le maemo a ditswekere, asiti le pH di ya mejarwa. Sena se hatiswa le matsatsi, tshimo ya difate kapa nomoro kwalletsweng le khaltiba ya sampole e nngwe le e nngwe. Kgolo ena ya ho butswa e ka ba mommori le kgoneho ya ho lekanya letsatsi la kotulo ho ya ka ho ya ka sepheto.
Menokotshwai e mmedi kapa e meraro e ya thonatjwa fatshe, sehlahla mahahereng le hodimo, kantle le ho kgetha menokotshwai ka ho otloloha kapa o sheba dihlahla. Ho bohlokwa ho thola menokotshwai ho tlowa kantle ho ya ka hare ho sefate ka bobedi le ka mathoko. Ka tsela ena, disampole di kaba kemelo e ntle ya tshimo yohle.

Ho Etsa Sampole ya Dihlahla sa Morara

Kgetha dihlopha tsohle kantle le ka hare ho sefate, ho tlowa dikarolong tse hodimo ho ya fatshe Sefateng le dikarolo tse ka mathoko ka bobedi. Ka ho sampola menokotshwai, o seke wa kgetha dihlpha. Kopanyandihlahla tsohle ka hare ho emere mme o tswelepele ho fihlela dikemedi tsa tshimoyohle di nkuwa.

Translated by Sebongile Sonopo