Tswelopele Setjhabeng sa Bapedi

© Dr Peter Magubane

Botebong ba Setjhaba sa Bapedi

Kamora ho hlolwa ke Manyesemane, Bapedi ba ile ba theolelwa letotong la ba setseng kamora ntwa e le ba kgethilweng ka molao. Ka sehloohong,ho tsena tsohle e bile botebo ba lefatshe la Bapedi e leng Ha-Sekhukhune. Hammoho le ba hapilweng ntweng, Ha-Sekhukhune e ile ya kenyeletswa Lebowa dilemong tsa 1960, e neng e kgethilwe e le lehae la batho ba buang Sesotho sa Leboya. Ho eketseha ha setjhaba le ho senyeha ha lefatshe dibakeng tsena ho ile ha thatafatsa ho phela ka temo feela.

Banna ba ile ba qobelleha ho siya mahae a bona ba lo sebeletsa meputso. Empa ho ne ntse ho ena le thahasello ya boitelo ba ho hlokomelwa ha masimo, ho phetholwa ha mobu ho ntse ho etswa ka matsatsi a phomolo kapa, haholoholo, ke bao mosebetsi wa bona e leng hona ho phethola mobu. Mokgwa o tlwaelehileng haesale e le hore banna ba Bapedi ba qete nako e kgutshwanyane ba sebetsa mapolasing a haufinyane mme hamorao ba fumane mesebetsi merafong kapa malapeng ebe ba ya difemeng. Tsamaiso le phethahatso ya mesebetsi e meng ya temo e ne e tshepetswe mafumahadi a banna bana.

Le hoja ba bile tlasa kgatello e matla bophelong ba bona e le basebeletsi ba meputso, banna ba Bapedi ba ile ba hanyetsa ka matla diteko tsohle tsa ho henahenana le moruo wa lapeng-taba ya thuo ya dikgomo le tsa temo. Malapa a nnile a tswela pele ho itlwaetsa ho lema le ho rua dikgomo, e se hakaalo hore a phele empa e le mokgwa wa ho bontsha boitlamo ba nako e telele tsamaisong ya setjhaba ya mahaeng e le ho ba le tsela ya ho iphedisa mohlang ba tlohelang mosebetsi.

Morao tjena, le basadi ba se ba qadile ho sebeletsa meputso le bona. Ba bang ba sebetsa feela pele ba nyalwa, nako e kgutshwanyane mapolasing. Ba bang, ba hlala kapa ba dula ba sa nyalwa, haesale ba sebetsa malapeng ditoropong tsa Gauteng ho tloha dilemong tsa 1960.

Borena

Ntle le ho hlolwa ha bona ntweng ya sesole mongwahakgolong wa 19, Bapedi ba nnile ba tswela pele ho kukela borena hodimo. Haholoholo Ha-Sekhukhune, moo sebaka sa mehleng sa bohlokwa sa Mohlaletse se leng teng, Bapedi ba entse mekutu e matla ho bopa borena botjha. Boiteko bona bo ile ba e ba boima haholo dilemong tsa 1950, ha mmuso wa bohanyapetsi o ne o leka ho sebedisa marena a lehae e le babuelli ba bona mokgweng wa puso ya bolaodi ba Bantu (Bantu Authorities). Ho hanyetsa ha Bapedi bolaodi ba Bantu ka nako ya ho ketolwa ha Sekhukhune ka 1958 ho ile ha baka ho lelekwa ha Morwamobe, e leng setloholo sa Sekhukhune mme majalefa a bajaki ba bile le seabo sa bohlokwa ho phethahatsa mehopolo ya sepolotiki le maano a mekgatlo ya dipolotiki pakeng tsa toropo le mahae, mme makala a ANC a ile a thehwa nakong ena. 

Le hoja palo e itseng ya Bapedi e falletse ditoropong tsa Gauteng ka ho sa feleng, boholo bo ntse bo tswela pele ka boitlamo ba kamehla sebakeng sa Bopedi mahaeng. Marena le bafo ba bile dipaki ha ho fediswa. Lebowa la mmuso wa bohanyapetsi mme ho kenyeletswa ha yona ho Northern Province ya Afrika Borwa e ntjha.

Translated by Maletsatsi Sejake