Tshebetso ya Serapa sa Sechaba ya Mapungubwe

Ho ya Kranka

©Jacques Marais
Ho kranka hara ditonanahadi tse ding tsa mmuso wa difate - baobab - ditseleng tsa lerole le ditsela tsa mobu, le majwe le lehlabathe, di etsa hore ho be le thabo e thabisang ya dibaesekele.

Tsamaya ka Maoto

©Roger de la Harpe
Tsamaya leetong la sepakapaka ho ya sethaleng sa ho shebella dipono tse tsotehang ho pholletsa le Noka ya Limpopo ho ya ho Zimbabwe le Botswana moo moahelani o leng teng moo majwe a lehlabate a hlahang teng a phahama ka matla. Tsamaiso e tataisitsweng e ka boela ya hlophiswa ho bonono ba majwe, dibaka tsa lefa la Mapungubwe, maoto a di dinosaur kapa tse kgolo tsa baobab.

Ho ya Kganna

©Jacques Marais
Hoo e ka bang dikhilomithara tse 35 tsa ditsela ka hare ho serapa se loketse dikoloi tse tlwaelehileng tsa sedan, empa dikhilomithara tse 100 di fumaneha ho dikoloi tsa di 4x4. Hopola ho tlatsa Alldays kapa Musina kaha o ke ke wa reka peterole serapeng sa boikgathollo.

Ho ya Shebella Dinonyana

©Shem Compion
Kori Bustard bird.
Mekgwa ya majwe, difate tsa Mopani le meru e ikgethang ya dinoka le difate tsa baobab di etsa dibaka tse fapa-fapaneng moo dinonyana di ka tshollang mefuta e 400, ho akarelletsa le Kori Bustard, Tropical Boubou le Pel's Fishing Owl.Translated by Bongani Matabane