Tsela ya Tlhaho ya MaZulu yah o Beleha

© Dr Peter Magubane

Ha ho Banna ba Dumelletsweng

Ho beleha hara Mazulu ho ile ha ameha ha basadi feela, mme ha ho banna ba dumellwang ho ba teng ha ba hlaha. Basadi ba babedi ke bona basadi ba baholo ba motse ona ba seng ba fetile dilemo tsa bana. Ka mora hore lesea le tswalwe, di hlatswa mosiamo (karolo e halalelang ka morao ho sebaka sa bodulo) ka metsi a fetisitsweng ka ho feletseng (meriana e kgethehileng), ebe e “matlafatswa” ka ho boloka ditlwaelo le tshebediso ya ho matlafatsa meriana.

Esita le kajeno, ka bobedi bo mme le bana ba arohane, hangata ho fihlela mokokotlo. Nakong ena bo-mme ba nkwa e le ‘ba sa hlwekang’ mme ba ka ba kotsi ho baholo-holo ba malapeng a banna ba bona. Ha ba dumellwa ho ama disebediswa tse tlwaelehileng mme ba lokela ho ja dijo tse lokiseditsweng ke babelehisi, ho tswa sejana se kgethehileng, ho sebedisa kgaba e kgethehileng.

Hangata ho itshehla thajana ho nka matsatsi a mahlano ho isa ho a leshome, ka mora moo mme o a hlwekisa: ho lokela ho fafatswa ka intelezi pele a ka boela a phela bophelo ba hae bo tlwaelehileng. Sebaka sa bodulo se lokela ho hlwekiswa ka ho feletseng, dikgwele tse ncha di aparetswe fatshe mme mollo o dutse ka hara ntlo.

Ka mora sena, monna a ka kena le ho bona ngwana wa hae ka lekgetlo la pele, le hoja kajeno bo-ntate ba fallang ba atisa ho kgutlela hae bakeng sa diketsahalo tsena. Ho nwa biri ho keteka le ho leboha babelehisi. Ketsahalo ena e pheta ha ntate a kgutlela hae a tswa motseng ho ya kopana le ngwana wa hae.

Translated by Sebongile Sonopo