Touriga Nacional

© Vititec

Tlhahiso

Touriga Nacional ke mofuta wa morara o mokgubedu oo boholo o sebediswang bakeng sa tlhahiso mokgwa toropo ho tswaka, emapa haufinyana o sebediswa bakeng sa ho hlahisa veine eommeng e kgubedu. Tlahaho ya yona ha e tsebahale.

Tlhaho

Ka kakaretso tumellano ke hore Touriga Nacional qalo ya yona e leboya la Portugal, empa ho sa ntse ho ena le kganyetsano ya hore ho kae ka kotloloho. Molatswana wa Douro o bolela ha mofuta ona o ena le metso moo, bare e ile ya rehellwa ka molatswana wa Douro, Touriga, ha Dao a bolela ke bona baqadi ba nnete ba mofuta ona.
Diteko di manolla hore, hofihla ha kana e molemong wa Dao, ho netefatsa hore sebaka se nale disele tsa bong tse kgolo le mofuta e fapaneng ya Touriga Nacional hofeta Douro. Ho ya ka sepheto ho bontsha ha mofuta ona o tswa Douro kamora disentjhuri tsa bo 18. Touriga Nacional ha se mofuta wa sefate o lengwang haholo Portugal, empa ho fihla ha kana ke enngwe ya dihlahiswa tsa sebele.

Mabitso a Mang

Mabitso a tsebahalang a kenyeleditse Touriga, Touringa, Mortagua, Turiga and Bical Tinto.

Tlhahiso Aforika Borwa

Touriga Naconal e fihlile Aforika Borwa ka 1970. Veini ya Overgaauw, e haufi le Stellenbosch ke mofuta wa Semela o lenngweng ka 1970, menyenyetsi e re ke veini ya sebele e hlahisitsweng e le veini ya mokgwa wa toropo.
Ka 1992 Estate e bile yona ya pele ka hara naha ho hlahisa veini ya toropo e ikemetseng hotswa Touriga Naconal. De Krans e haufi le Calitzdorp toropong ya Klein Karoo e lemme mofuta ona pele ka 1984, mme ka 2000 e bile diritedi tsa pele ka hara naha ho hlahisa mofuta wa veini e ikemetseng.

Sebaka sa Tlhahiso

Tlhahiso e ntse e lekantswe Aforika Borwa, ka ho lekana 100ha tse lenngweng ka 2016. Ho feta halefo ya di jalo tsela di fumaneha Swartland le Klein Karoo.

Kgolo

Ke mofuta o holang ka matla, empa o hlahisa tjhai e tlase ya boholo bo dipakeng tsa 8-10ha.

Ho Butswa

Merara e butswa qetellong ya bohare ba sehla, mahareng a Hlakubele.

Menokotshwai

Menokotshwai e menyane, e motopo, e letlalo le nonneng le letsho. Dijo di nale lero ka tatso ya tholwana e hlahelletseng.

Makgasi

Makgasi a matala bo hlakileng, a itekanetse ka boholo, a kgidikwe le marete a mahlano.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

E ratwa ke hlobo.

Tshebediso

Aforika Borwa e sebediswa ho etsa veini e ikemetseng motswako ya tafoleng le mokgwa wa toropo wa veini ya maemo. Metswako hangata e kenyeletsa mofuta wa Portuguese, o kang Verdelho, Souzao, Tainta Barocca le Tempra Nillo.

Tatso

Mofuta ona o hlahisa tatso e amanang le menokotshwai metsho, murubei, dipalesa le tjhokolete e lefifi.

Translated by Sebongile Sonopo