Tlhao ya Sezulu

© Dr Peter Magubane

Merabe e Fapaneng

Nakong ya selemo sa 1550 Mookamedi ya nang le balatedi ba banyane, o ile a dula tlasa Thaba ya Amandawe mabopong a ka Borwa a Noka ya Umhlatuze pele o kena tseleng ya Nkwaleni.

O ne a e na le bara ba babedi, Qwabe le Zulu, bao, ho ya ka meetlo ya molomo, ba neng ba dula ba arohana, mme Malandela a romela Qwabe ho dula haufi le noka, kae-kae haufi le Empangeni, le Zulu o rometswe leboya ho ya dula sebakeng sa Noka ya White Umfolozi.

Ha nako e ntse e ya, barababo rona ba babedi baile ba arola mekgatlo ya bona ka bobedi, mme ka bobedi ba le lebisa hlompho (hosebeletsa) ho morena Mthethwa, ya neng a le matla ka ho fetisisa sebakeng seo.

Dingiswayo wa ha Mthethwa

Ho ella qetellong ya lekgolo la bo18 la dilemo, Dingiswayo e bile mookamedi waMthethwa. Ha e sa le mohlankana, o ile a tlameha ho baleha e le hore a phele, kahantate wa hae o ne a belaela hore o rerile ho mo diha.

Dingiswayo o ne a tsamaya haholo sebakeng seo kajeno se tsejwang e le KwaZulu-Natal. Ka maeto a hae, pono ya hae eile ea atoloswa mme a tsejwa kgwebong, e neng e ntse e eketseha ho pota-pota koung ya Portugal ya Delagoa Bay Ha a utlwa ka lefu la ntatae, o ile a kgutla a palamme pere, a nka sethunya, hore a nke boeta-pele ba Mthethwa.

Dingiswayo e ne e le moetapele ya masene le ya matla ya ileng a hlokomela hore tlhodisano ya mobu le thepa ya tlhaho e ne e ntse e e ba matla haholwanyane le hore matla a ho laola kgwebo le Mapotoketsi a tla tlisa melemo e fapaneng.

Ka hona o bone hore ho haha lebotho la Mthethwa le ho latela ha hae ho ne ho le bohlokwa haholo. E le hore a finyelle sena, o ile a ikamahanya ka mokgwa o hlophisehileng hore o kopane le dihlopha tse hlephileng tse neng di mo hlompha, le ho amohela batho bao a ba hlotseng ntweng.

Translated by Sebongile Sonopo