Temo ya Konofolo

© Louise Brodie

Ho Ata

Ho ata ke ho jala di clove tse etsang tleloubu ya dimela tsa konofolo.

Mokgwa wa ho Lema

Di clove tsa konofolo di lenngwe dibetheng tse phahamisitsweng tse ka bang mithara ka bophara kapa mobung o nonneng o nkilweng ho tiisa metsi a mangata. Dikarolo tsa ditleloubu tsa konofolo dia ebolwa, mme di clove di arohane ka hloko. Kgetha di clove tse matlafetseng tsa ho lema ho etsa bonnete ba tlhahiso ya tleloubu. Diforo tse bophara ba disenthimithara tse hlano tse tebileng di hulwa ke terekere sebakeng se batlang.

Ho Arolwa

Hangata di clove di arohane ka disenthimithara tse 10 kahare ho mela e ka bang dikgato tse 20 ho isa ho tse 30 ho arohana, ho itshetlehile ka boholo ba tleloubu eo o e batlang. Sena se lokela ho hlahisa ditleloubu tse 400 000 le 500 000 ka dihekthere.

Nako ya ho Lema

Temo ya konofolo e ka ba nakong leha e le efe ho tloha qetellong ya Hlakola ho ya ho Motsheanong.

Nako ya ho Hola

Dikgweding tse hlano ho isa ho tse tsheletseng ho tloha ho temo.

Ho Hlahisa Ditholwana

Na mobu wa hao o hlahlotswe ho netefatsa ditlhoko tsa tswalo le dimatlafatsi.
Ha o ntse o lokisa mobu wa ho lema le ho lema ka manyoro ka ditlama le manyoro o ka kenyelletsa manyoro a mang a kgoho jwaloka manyoro a pele ho temo.
Di clove tsa konofolo tse lenngweng di tla sebedisa tse bokellwang ka hara di clove ho phunya metso ya yona ya pele mme di hlahise makgasi a pele. Matsatsing a ka bang 14 ho isa ho a 21 ka mora ho temo, ho phatlalatswa pakeng tsa dikhilograma tse 500 le 800 ka hektare ya 3:2:3 (motswako wa Nitrogen, Phosphates le Potassium) sebakeng se lenngoweng. Hona jwale ho tla ba teng bakeng sa di clove tse sa tswa metso le dimela, mme di bohlokwa bakeng sa ntlafatso ya motso le lekgasi, e leng se tla tiisa ntlafatso e ntle ya tleloubu e ntle ya konofolo.
Hoo e ka bang dibeke tse robedi ka mora hore le jale nakong ya ho hola ha dimela, ho sebediswa ho eketsehileng ha dikilograma tse 250 ho ya ho tse 300 ka hektare ya 3:2:3 e ka phatlalatswa sebakeng se lenngweng. Haeba kgolo e ntle ya dimela e fumanehile, jwale ha ho hlokahale hore manyoro a eketsehileng a hlokehe. Ka dinako tse ding ha ho etswa ditshebetso tse eketsehileng mobu o fokolang kapa wa lehlabathe, ho ka hlokahala.

Ho Nosetsa

Ho sebedisa sesireletsi kamehla ke mokgwa o motle wa ho fokotsa mofoka le ho boloka mongobo wa mobu. Ditlhoko tsa metsi di tla fapana ka mefuta e fapaneng ya mobu le bakeng sa maemo a fapaneng a lehodimo. Konofolo e ka hlaselwa ke mongobo kgatellong ya kelello hobane e sa teba metso. Ka hona ho bohlokwa ho ba le tsamaiso e tsitsitseng ya ho hlahloba mongobo wa mobu meleng e ka hodimo ho disentimithara tse 30 tsa mobu ho fokotsa kotsi ena. Sena se ka etswa ka sekgahla sa neutron, methapo ya meriana ya mobu kapa moo sena se ke keng sa kgoneha ka nako eo ka letsoho le nang le di augur kapa kgarafu.

Translated by Bongani Matabane