Temo ya Dragon Fruit

©Ramon F Velasquez

Temo ya dragon fruit e etswa lefatsheng lohle, moo boemo ba lehodimo bo loketseng dimela tse tsa tropike tsa cactus. Sena se kenyeletsa Afrika Borwa, moo ho romelwa kantle ho naha ha ditholwana tsena tse kgolo ebile di le makgekgefa ho holang ka potlako. Vietnam ke yona e di hulang pele ka tlhahiso ya dragon fruit, ebile e tsejwa ka la pitaya.

Dragon Fruit e Lengwa Jwang

Dragon fruit e lengwa hantle ka dikotwana tse tswang sefateng. 

Dimela di thabela mobu o kenelang metsi habonolo le mobu o nontshitsweng dibakeng tse futhumetseng ka pula ya bonyane 400 mm ho ya ho 1 500 mm ka selemo.Ho lema haholo ho fihlang ho dimela tse 1 250 plants ka hektara ho laoleha habonolo, ka sebaka se bophara ba 4 m x 2.5 m ho ya ho 5 m x 2.5 m, ho itshetlehile ho mekgwa ya ho tshehetsa dimela (di-tralisi). 

Dikutu tse nonneng di ka hola ho fihlela ho 4 m, ka nako e lenngwe ya selemo mme di lokela ho kwetliswa le ho tlamellwa palong e le nngwe kapa mokgwa ho tshehetswa wa bophahamo ba 1.8 m. Dipalo tsa konkreiti di sebediswa haholo mme dimela tse 3 ho ya ho tse nne di ka thuswa ho tlamellwa palong e le nngwe. 

Maemong a Afrika Borwa, haholoholo dibakeng tseo pula ya selemo le selemo e leng ka tlasa 400 mm ka selemo, ho nosetswa ha dragon fruit ho a kgothaletswa; ho nosetsa ho ka hlahisa tholwana e kgolwanyane. 

Dragon fruit e hola hantle ha mobu le mahlaku di nontshwa.

Ho Tsamaisa Peo ya Dipalesa tsa Dragon Fruit

Dipalesa tse kgolo tse nkgang hamonate tsa dragon fruit di thunya bosiu bo le bong feela mme di nontshwa ka ho tsamaiswa ha peo ke diphoofolo tsa bosiu tse kang bommankgane le serurubele sa bosiu. Ho fumanehile hore ho tsamaiswa ha peo dipaleseng tsa dragon fruit ho ka eketsa boholo ba ditholwana, empa Afrika Borwa, dinotshi ke tsona tse nang le seabo se seholo ho tsamaisweng ha peo ya dragon fruit. Dipalesa di qala ho buleha ka 18:00 mme di kwalehe ka 11:00 hoseng ho hlahlamang, ho siyang nako e lekaneng hore dinotshi di sebedise mohlodi wa phofo e ruileng ya dipalesa tsa dragon fruit. Dipalesa di ka fihla ho 30 cm ka boholo mme di na le phofo e ka bang 100 g, kahoo ho kopanya dragon fruit le temo ya dinotshi e ka ba qeto e sebetsang ho eketsa mokgwa ya temo, ka monyetla o eketsehileng wa ho tsamaisa peo, ho eletsa Max van Heerden wa Dragon Fruit South Africa. 

Lesedi le boemo ba lehodimo di susumetsa ho thunya ha dipalesa mme dragon fruit e hloka dihora tse 12 - 14 tsa kganya ya letsatsi le letsatsi, jwale, lesedi la maiketsetso le ka sebediswa ho eketsa ho thunya ha dipalesa. Afrika Borwa, taba ena ha e sebetse ebile e theko e boima, empa diteko tse itseng di entswe Amorentia Estate & Nursery e Limpopo. Dinaheng tse ding (mohl. Vietnam) moo maru a kwahetseng a kgutsufatsang nako ya lesedi.

Dikokwanyana tse Kgathatsang le Mafu a Dragon Fruit

©Dragon Fruit SA

Dimela tsa dragon fruit di tshaba kganya e matla, serame le ho nosetswa ho tlola tekanyo kapa mobu o tshwarellang metsi. Le jwale,diphoofolo tse kang mehlape, dinonyana le ditshwene di rata tholwana ena le mahlaku, mme masimo a mang a dragon fruit a tlasa letlowa la moriti ho sireletsa ditholwana tse ntseng di butswa ho dinonyana le tshenyo ka sefako. Afrika Borwa, letlowa la moriti ha le sebediswe haholo. 

Diphuputso tsa Afrika Borwa di shebane le taolo ya dikokwanyana tse kgathatsang le mafu temong ya dragon fruit. 

Dikokwanyana tse kgathatsang di kenyeletsa mites, thrips, dikokwanyana tse ntsho, dikokwanyana tse monyang lero, dikgolabolokwe, tshupha, diboko, dintsintsi tsa ditholwana le ditweba.

Mafu a dragon fruit a kenyeletsa ho bola ha kutu, Anthracnose (e bakang diso tse bosootho bo bofubedu) le kokwanahloko ya fungus e jwaloka Fusarium spp. le Aspergillus spp. Ho feta moo, dragon fruit ke moamohedi e moholo wa ntsintsi ya ditholwana mme irradiation kapa pheko ya moya o tjhesang e ka sebediswa ho bolaya dikokwanyana. Afrika Borwa, ho tshwasa ka ntsintsi ya ditholwana ho a sebetsa.

Diphephetso tse kgolo tsa boleng ha ho romelwa kantle ho naha ha dragon fruit ke ho utlwa bohloko le tshwaetso ya fungus tse amanang le ho butswa haholo ha ditholwana.

Kotulo ya Dragon Fruit

Ha tholwana e ntse e hola, e qala ho fetoha mmala matsatsi a 26-30 kamora ho tsamaiswa ha peo. E lokela hore e be loketse ho kotulwa matsatsing a ka bang a 30 - 34, matsatsi a mmalwa kamora hore tholwana e fetohe mmala. 

Lenane le tlwaelehileng la hore dragon fruit e butswitse le kenyeletsa mmala wa letlalo,esiti e felletseng le boemo ba tswekere (e lekanngwang ka ºBrix) empa tekatekano pakeng tsa esiti le tswekere e netefatsa tatso e nepahetseng, ho bolela Howard Blight wa Amorentia Estate & Nursery e Limpopo.

Kamora kotulo ya letsoho, dragon fruit e hlatsuwa ka sehlwekisi se bolayang dikokwanyana se loketseng dijo mme e arolwe ho ya ka boima ba yona. Ebe tholwana e arolwa ho ya ka tshenyo e sa tebang, mohl. dikokwanyana tse ntsho, ho sosobana, mmala wa letlalo hammoho le mmala le boemo ba makgekgefa. 

Dimela di beha ditholwana dilemo tse pedi kamora ho lengwa mme di ba le tlhahiso e phethahetseng dilemong tse hlano. Ho ya ka mofuta wa semela le boemo ba masimo, tjhai ya ditone tse 15 ho ya ho 30 ka hektara e ka lebellwa.

Tshebetso ya Dragon Fruit Kamora Kotulo

Dragon fruit e romelwang kantle ho naha e ka phuthelwa ka letlowa la polystyrene, ho tshwana le papaya, ka pampiri, tsa pakelwa kahara mabokose a sephara kapa kahara diroto tse nyane. Bakeng tsa dipontsho tse kgolo mabenkeleng,dragon fruit e ka pakelwa ho fihlela boimeng ba 10 kg. 

Dragon fruit e ka ba le bophelo ba dibeke tse pedi kamora kotulo ebang e bolokwa ho 10˚C. Bakeng sa ho romelwa kantle ho naha, dragon fruit e lokela ho bolokwa ho 3ºC ho ya ho 5ºC hore e dule matsatsi a pakeng tsa 27 le 42 kamora kotulo. 

Mongobo o nepahetseng o ho 85% - 90%. Bophelo ba kamora kotulo bo ka lelefatswa ka ho sebedisa polokelo e batang eo ho laolwang dithemphereitjhara ho yona, ha mekotlana ya sepakapaka e ka eketsa bophelo ba kamora kotulo ho fihla matsatsing a 42. 

Ebang dragon fruit e butswitse haholo, mohlala, sehlopha sa III sa ditholwana, e ka sebetswa ho etsa lero la ditholwana le motoho wa ditholwana, tse ka sebedisetswang dihlahiswa tse molemo o ekeditsweng jwaloka veine, meqolo ya ditholwana le jeme.Mabenkele a dijo a kang Kauai le Starbucks a sebedisa dragon fruit bakeng sa mekedikedi ya ditholwana le dino.

Translated by Maletsatsi Sejake