Taolo ya Matlakala a Dikgoho

© Chris Daly

Taolo ya mongobo ke senotlolo se setle sa taolo ya matlakala a dikgoho. Matlakala a ommeng haholo le a lerole a tla etsa mathata a phokolo ya metsi le ho pefomoloha, ha mtlakala a metsi a tla ntshetsa pele kgolo ya dikokwanahloko le fungi le tlhahiso e kgolo ya ammonia. Matlakala a metsi hape a ka isa ho kotsi ya diso, hotjha ha letlalo, ho longwa, ho nyatseha le ho sebe bohlokwa.
Ho etsa bongata ba ditshila tsa dikgoho, mongobo wa tsona o lokelwa ho laolwa ka 20% ho ya ho 25%. Ha o etsa seshona se lekang le bolo, ke ka moo matlakala a lokela ho ikamahanya. E metsi haholo e bang e kgomarela seka bolo mme e omme haholo e bang e sa ikamahanye hohang.

Dikeletso tsa Taolo

Taolo e ntle ya matlakala e qala ka tshebediso e nepahetseng disebediswa tsa mealo. (bala haholwanyane ka disebediswa tsa mealo). Disebediswa di lokelwa ho bolokwa hantle pele di ka sebediswa, jwalo ka ha ho tlaba thata ho balehela mathata a matlakala a metsi moalaong o mongobo le pele o bewa katlung ya dikgoho.
Bo rapolasi ba bang ba e hasa ka tlung ya dikgoho beke pele dinonyana tse ntjha di fihla, e le ho etsa bonnete ba hore e omme. Disebediswa di lokelwa ho fetolwa nako e kgolo le e nyane ho etsa e dule e omme le hoba bonolo. Dinonyana di tla thusa ka hlapa le ho ingwaya ka sesebediswa.
Hoetsa sa honwa le taolo ho hlokolosi ha o tla ho taolo ya matlakala. Borapolasi ba lokela ho shebisisa tsamaiso ya ho nwa mme ba lokise ho qalana ha metsi kamora hore dinonyana di tsamaiswe le pele ho dinonyana tse ntjha di tliswa tlhahisong.
Tsamaiso ena e lokelwa ho hlokomelwa ka hloko ha tlhahiso e se e qadile, ho lokisa ho nela hang ha ho bonwa. Sena se lokela ho etsahala le ho theola theko le mohodi, e leng se ka lebisang matheng a matlakala a metsi ha e sa nepahala.
Ho qhalwa ha metsi bakeng sa honwa e lokela ho balehelwa. Hanyane lemosa banwi ho ho fokotsa ho nwa ha dinonyana di ntse di hola, ho fumanehile hore ho fokotsa matlakala mongobo ho fihla ho 7%.
Banwi le bona ba lokelwa ho behelwa kgatello e lekaneng le ho hlwekisa ka nepo ho thibela ho qhalana le ho etsa bonnete ba hore ho sebetseha ka tsela e nepahetseng. Banwi ka tlhoko ba fumanwe hore ho qetella ho ena le metsi a manyane le tshenyo ho feta dinwi tsa tshepe.
Dikwetladi nale tshusumetso kgolong ya matlakaleng a mongobo, haesale disebediswa tsa dijo tse itseng, tse jwalo ka letswai, sodium, molasses, soya, amini acid le protein, ha di jewa haholo, di etsa dinonyana di new metsi a fetang tekano.
Tseding tsa disebediswa tsena di lebisa ho letshollo, e leng se kenyang mongobo o mongata mme o ka lebisa hape ho phahameng ha nitrogen. Kgatello ya motjheso le meriana e meng e kaba le tshwaetso e tshwanang.
Setoko se sengata, palo ya dinonyana e bolokwa ka metara ha bedi, e tlaba le tshusumetso ya taelo ho ho phahameng ha matlakala a mongobo. Ho tlaba thata ho boloka mongobo maemong a nepahetseng ha bongata ba setoko bo phahama.
Bongata ba tshebediso ya moalo bo tla ameha ka ho tshwana. Moalo a haswang hasesane o keke wa kgona ho amohela mongobo o mongata jwalo ka moalo o nonneng. Bongata ba disebediswa tse sebedisitsweng ho tla itshetleha ho tlhahiso ya tikoloho le disebediswa tsa moalo tse sebedisitsweng.
Maemo a tikoloho, jwalo ka maemo a lehodimo a metsi kapa a mongobo, marothodi kapa ho bata haholo ho ka baka matlakala a mongobo ha ebang tsamaiso ya moya le motjheso ya ntlo ya dikgoho e sa ntshe mongobo hantle.
Mathata a marothodi a tlameha ho tloswa ka ho kwahela ka nepo moaho le tsamaiso ya phepelo ya metsi. Moya le motjheso di lokelwa ho laolwa ka hloko ho boloka maemo a lehodimo a na le boikgethelo.

Translated by Sebongile Sonopo