Taolo ya Dikokonyana tse Senyang Merara

© Prof Piet Goussard Winetech
Mafu le dikokonyana serapeng sa morara se ka arolwa ka dihlopha tse fapaneng e leng dikokonyana, fungi, mafu a dibakteria le dikokwanahloko. Taolo ya Mahloko le dikokonyana tse senyang ke e nngwe ya ditjeo tse theko e hodimo polasing ya veine le mehato ya taolo e hloka mohlahisi hore a sebedise mefuta e itseng feela ya difafatsa. Difafatsa tsohle di lokela ho ikamahanya le ditlhokeho tsa IPW (Integrated Production of Wine), ka boithaopo tsetsepelo ya lenane le qaduwe indasteri ya Afrika Borwa ka 1989. Morero ona o ikamahanya le boemo ba majhaba ba tikoloho le ho mokgwa wa ho tsetsepela mmoho le ho kgothaletsa botsistso ha ho tluwa tabeng ya taolo ya dikokonyana tse senyang.
Bahlahisi ba kgothaletswa ho sebedisa mefuta ta taolo e tobaneng le dikokonyana tse senyang ka tsela tse fapaneng, mohlala, dikokwanahloko, mofuta wa dikokonyana o iketsa dikokwanahloko, fungi kapa dibaktheria tseo ka kotloloho di tobaneng le dokokonyana. Mohato ona hangata o sebediswa mmoho le khemikhale e bolayang dokokonyana (tse ding ke tla tlhaho).
Tsela e nepahetseng yah o fokotsa dikokonyanatse senyang le mafu ke ho di beya leihlo ka nako tsohle ho bona matshwao. Bahlahisi ba phahamisa tekolo ka ho sebedisa dilekodi ts kwetlisitsweng ho fokotsa ditjeo. Basebesti bana ba kwetlisistswe ho tsamaya ka hare ho serapa ka dinako tsohle mme ba battle letshwao la pele tshwaetso ya dikokwana le fungi.
Dikokonyana tse senyang ha di le ka tlasa lefatshe matshwao e ba kgolo e mpe, e hlahang matheba bolokong ba serapa sa morata. Difate di beha hanyane mme letlobo le ha le hole hantle.
Ha dikokonyana tse senyang di le ka hodimo ho lefatshe, matshwao a pepeneneng k eke masoba makgasing, makgasi a qhwadileng le dihlopha tsa merara le tshwaetso e tshweu e kgomarelang dihlopheng.
Ha ho sena matshwao a pepeneneng makgasing, letlobo le sehlopha sa merara, mohodisi wa merarao tla tjheka mokoti ho sheba metsong ya semela se silafetseng. Nakong ya taolo ya semela le tsamaiso yah o bolaya kokwana, semela se tla amohela sethetefatsi mme se bolaye fungus kapa dikokonyana ho tswa ka hare. Ha seolaya dikokwana se sebedisitswe, semela se apeswa ka kemelo ya khemikhale mme hang dikokwana kapa fungus di leka ho senya dimela, di shwe.

Matla a Maemo a Lehodimo Dikokonyaneng tse Senyang

Ho bohlokwa ho tseba hore maemo a lehodimo le tikoloho e ka bapala karolo e kgolo tjhebahalong ya mafu le dikokonyana tse senyang. Dibakeng tseo ho nang le mongobo dikokwana tsa fungi tse itseng ha di tsebahale, ka ho fapana le tse nang le mongobo kapa pula nakong ya sehla sa kgolo, dikokwanahloko tsa difungal tse ding di etsahala ka pele. Bophelo ba kokonyana bo hangata bo etsahala ka nako ya sehla le boemong ba sefate sa morara mealybug, ka kotloloho di itshetlehile boemong ba lehodimo.
Mohodisi wa morara ba ikwetlisang ba ka bapala karolo e kgolo taolong ya mafu le dikokonyana tse senyang:
Taolo e nepahetseng ya sekgurumetso e ka fokotsa mafu a fungi.
Nosetso e lokela ho nka karolo ha serapa sa morara se se sele mongobo, mohlala hosing haholo.
Tataiso ya mela le tsamaiso ya ho balla e ka tlatsetsa ho phahamisa maemo a moya mobung le ho omisa makgasi ka pele ka mora pula.
Lehola le fana ka bodulo le tswalo ya dikokonyana tse senyang.
Ho se hlokomele tshebediso ya sebolaya dokokwana e ka senya tlhaho ya dira tsa dikokonyana tse senyang.

Translated by Sebongile Sonopo