Stinking Grass
Bojwang bo Nkgang

© D. Wesuls

Lebitso

Bojwang bo nkgang kapa bojwang bo monko o seng monate

Lebitso la Selatine

Bothriochloa radicans

Melemo

Ke bojwang bo sa latswheng hamonate, boo diphoofolo di sa rateng ho fula ho bona ka lebaka la mahlaku a bona a nkgang. Le ha ho le jwalo diphoofolo di na le ho bo ja ha bojwang bo bong, boo di bo ratang, bo haella. Bojwang bona bo na le oli ya bohlokwa e nang le ditswaki tse ka bang 51.

Tjhebeho

Ke bojwang bo dulang bo hlomme selemo ho pota, bo namamng jwaloka ditlama tse melelang fatshe. Makala, mahlaku le kutu ya bona di monko o bohale ha di pepetwa. Mahlaku a bona a mmala o botala bo tswakileng botala ba lehodimo. Diphoofolo di ja jwang bona ha feela bo sa le botjha.

Moo bo melang teng

Bojwang bo nkgang bo mela dibakeng tse ommeng, tsa mafika a matshwana, mme bo rata mobu o teteaneng jwaloka o letsopa, empa le ha ho le jwalo bo na le ho mela mefuteng e meng ya mobu, pela dikgohlo, meepeng e majwe le ho potoloha diolo. Bo mela ho tloha Aforika e borwa ho leba leboya, bo namela le ho fihla Uganda, Sudane le Ethiopia.

Nako ya ho hlomela

Ho tloha ho Mphalane ho isa ho Mmesa, Aforika Borwa.

Tlhaloso

Bojwang bo nkgang bo rehilwe lebitso lena ka lebaka la mahlaku a bona a nkgang, a etsang hore ho se bonolo hore diphoofolo di bo je.