Souzao

© Silvaspoons

Tlhaloso

Ke mofuta wa veini e tshweu etswang sebakeng sa Minho leboya la Portugal e sebediswa ho etsa mofuta wa veini ya sebaka le veini ya Vinho Verde leboya la Portugal. E hola hape le Australia, California, Spain le Aforika Borwa.

Tlhaho

Portugal

Mabitso a Mang

Sousao kapa Souson empa hantlentle ke Vinhao. Galacia e Spain moo e lengwang teng e bitswa Tinta Pais. Aforika Borwa e ngodisitswe e le Souzao. Mabitso a mang a kenyeletsa Tinto Nacional, Tinto Antigo, Tinto da Parada, Negrao, Negro Pe de Perdiz, Espadeiro da Tinta, Espadeiro Basto, Espadeiro Preto le Pinta Femea.

Tlhahiso Aforika Borwa

E fihlile Aforika Borwa ka bo 1920 empa ke 44ha feela e lenngweng mona, boholo ba difate (24ha) bo fumaneha Swartland. Sefate se tsofetseng se jetswe ka 1976, di fumaneha polasing ya Allesverloren melapong Riebeek. Polasi e tumme ka tshebediso ya yona veine ya toropo e lenngweng ya veine e kgubedu.

Kgolo

E itekanetse ka boholo, e hola ka sekgahla ka tjhai ya 10-12ton/ha, empa bahlahisi ba bang ba lekanyetsa kgolo ya yona ka tjhai ya 6-10ton/ha. E hola ha bobebe, e rata mob u o nonneng le ho sebetsa hantle motjhesong.

Ho Butswa

E nka nako e telele ho butswa e ka kotulwa qetellong ya bohare ba sehla (qetellong ya Hlakola ho isa Tlhakubele) ka tswekere 24-26.

Menokotshwai

Menokotshwai e bolou bo botsho e pakuwe ka matla ka makala a disilindaramme nale letlalo le matla ka dipalesa hlahelletseng. Ka bobedi letlalo le lero di atisa mmala veining.

Makgasi

Makgasi a itekanetse a maputswa, a nale marete a mararo ao ka nao tse ding a kgutlelang morao qetellong.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

Ha e kenwe ke ho bola le hloba mmoho le hlobo ya phofo.

Tshebediso

Aforika Borwa e sebediswa e le motswako wa veine e tsweu ho feta veine ya selehae. Seabo sa yona se seholo veineng ke mmala o tswileng matsoho o lefifi. Ha re eketsa ho jwala le asiti ya tlhaho, morara wa Souzoa o tswaka mmala ka kgatello. Ha e kgothaletswe ho hola ho feta dilemo hlano.

Tatso

Ditlhaka tsa tatso di kenyeletsa menokotshwai e motsho, liquorise, dinoko le letlalo, empa dilatswi tse ding di e hlalosa e le morara po omisitsweng. Veine e tswang morareng wa dibaka tse futhumetseng e nale tatso ya jeme.

Translated by Sebongile Sonopo