Serame Ke Eng?

© Robert Reisman

Serame ke lera le lesweu la metsi a hwammeng ha dithemphereitjhara mobung di le ka tlasa 0˚C. Serame se ka bonwa fatshe kapa dimeleng tse atametseng mobu. Tse ding tsa dimela di senyeha hampe kapa di bolawe ke serame se seholo, se bakwang ke makumane a leqhwa a kahara semela, jwale serame ke moedi o motle wa climate ho bontsha semela se loketseng sebaka seo sa temo. 

Palo ya matsatsi ao serame se ba teng ka oona e ka nna ya se ame semela jwaloka matsatsi a latelallang a serame. Dimela di na le bonyane ba dithemphereitjhara bo fapaneng boo dimela di ka senngwang hampe ke serame kapa ho di bolaya. Themphereitjhara ena e fapana haholo ho ya ka mefuta e fapaneng ya dimela. Dimela tse ding, jwaloka dimela tsa tropike le tsa subtropic di ka bolawa ke themphereitjhara ya 5˚C.

Ho nka qeto ya semela seo o ka se jalang sebakeng sa hao, o tla hloka ho lekola bofokodi ba sona serameng.

Serame Se Kenellang Ke Eng?

‘Black frost’ ke ha serame se ka tlasa ntlha ya kgwamo se ba teng empa ho se serame se bonwang ka mahlo. Ha se be teng kgafetsa, mohlomong hang dilemong tse mmalwa empa se senya ho feta serame se seputswa mme se ka bolaya dimela le dikarolo tsa sefate. 

Nako Ya Ho Qala Ha Serame

Nako ya ho qala ha serame e bolela ho fela ha sehla sa ho jala dimela tse tshabang serame ka nako ya ho butswa ha tsona. Ebang semela se so butswe ka nako eo,o ka ba le tahlehelo e tshabehang. Ho sebeletsa morao ho tloha nako ena, sehwai se ka lepa letsatsi la ho qetela la ho jala e le ho qoba serame ka nako ya ho butswa ya semela.

Dibakeng tsa poone tse kang Sandvet, Vaalharts, Orange-Riet, Douglas le Lower Orange River, nako ya ho qala ha serame e ka ba 20 Motsheanong. Poone ya nako e telele, eo sehla sa ho hola e leng matsatsi a 150, e lokela ho jalwa pele kgwedi ya Tshitwe e fihla bohareng. 

Bakeng sa dimela tse holang mariha tse tshabang serame ka nako ya ho mela, matsatsi a ho jala a ka hlophiswa hore ka nako eo serame se kenang ka yona,semela se be se fetile boemong bo fokolang ba ho hola ha sona.

Nako Ya Ho Fela Ha Serame

Nako ya ho fela ha serame ke ho qala ha sehla sa ho jala dimela tsa lehlabula tse tshabang serame ha e le sethopo. Dibakeng tsa temo tse fepelwang ke pula, ho lema ho lokela ho etswa kamora ho na ha dipula tsa pele. 

Dibakeng tsa temo moo ho nosetswang, ho ka lengwa hang ha kotsi ya serame e fetile mme le dithemphereitjhara di phahame ka ho lekaneng. Bakeng sa dimela tsa lehlabula tse rekisehang jwaloka meroho, mahapu le sweet melon, hona ke monyetla o motle wa ho fumana ditheko tse kgotsofatsang.

Dibaka Tse Serame Afrika Borwa

Mapolasi a bohareng ba Afrika Borwa a nang le dinako tsa serame se matla ebile e le sa nako e telele, kaofela di moo ho phahameng ka hodima lewatle ebile di hole le lewatle. Masiu a mariha a hlokang maru le ho ba le moya o ommeng di na le seabo ho beng teng ha serame.

Pela merero ya ho nosetsa e Free State le Northern Cape, nako ya serame e batla e le telele, ho tloha matsatsing a 91 ho ya ho a 120. Mapolasi a kahara ebile a potapotile merero ya ho nosetsa a phuleng ya Limpopo, leboya la Limpopo, Lowveld (Mpumalanga le Limpopo) hammoho le dihlabeng tse lebopong la lewatle nqa KwaZulu-Natala, Eastern Cape le Western Cape di na le nako e kgutshwanyane ya matsatsi a mmalwa ka selemo ho fihlela matsatsing a 30 a serame. 

Profenseng ya Eastern Cape, nako ya serame, matsatsi a 1 ho ya ho a 30, e kgutsufaditswe ka lebaka la tshusumetso ya diphula tse tebileng dithemphereitjhareng. Diphula tsena di batla di futhumetse ho feta sehlaba sa Eastern Cape, kahoo serame se batla se le tlase. Boholo ba merero ya ho nosetsa ya Eastern Cape e diphuleng tsena. 

Ho na le sebaka se phatlaletseng se hlokang serame ho lopalla le lebopo la KwaZulu-Natala ka lebaka la tshusumetso ya leqhubu la lewatle le futhumetseng la Mozambique. Sena se kenyeletsa morero wa ho nosetsa wa Makhatini. Dimela tsa subtropic, mohl. dibanana,di-avocado, di-guava hammoho le dimela tsa tropike, matokomane a cashew, di ka jalwa mona. 

Diphuputso tsa dipalema tsa coconut ,e leng semela sa tropike, di entswe polasing ya diteko ya Makhatini. Dibaka tse se nang serame ho hang Afrika Borwa, di kenyeletsa tse lebopong la lewatle ka botjhabela le borwa ba Kapa hammoho le bohareng ba KwaZulu-Natala. Sebaka se se sesanyane se se nang serame ho hang meeding ya botjhabela ba diprofense tsa Mpumalanga le Limpopo, se kahara serapa sa diphoofolo sa Kruger National Park.